Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.”
Na hase yena ya ileng a re ho nna: Ke kgaitsedi ya ka? Le yena mosadi a re: Ke ngwaneso? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”
Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame.
Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”
Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.”
Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka! ”
Ho Sara a re: “Bona, ke neile ngwaneno silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le motso o mong le halofo; hona ke ho o hlomphisa bohle ba nang le wena, mme mahlong a bohle o lokafaditswe.”