Jwale Esau a nka basadi ba hae, le bara ba hae, le baradi ba hae, le bohle ba lelapa la hae; le dikgomo tsa hae, le diphoofolo tsa hae kaofela, le maruo wohle ao a a fumaneng naheng ya Kanana; a ya naheng ya Seire, hole le ngwanabo Jakobo.
Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona.
Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: bo-kgosana Nahate, le Sera, le Shamma, le Misa. Ana ke mahosana a tswetsweng ke Reuele, naheng ya Edomo. Ke bara ba Basemate, mosadi wa Esau.
Bana ke bara ba Oholebama, mosadi wa Esau: Bo-kgosana Jeushe, le Jalame, le Kora. Anna ke mahosana a tswetsweng ke Oholebama, moradi wa Ana, mosadi wa Esau.
Bana ke bara ba Sibone: Aya le Ana. Enwa ke Ana yane wa ho fumana sediba sa metsi a tjhesang, lehwatateng, ha a ntse a alositse ditonki tsa ntatae Sibone.
Baale-Hanane, mora wa Akabore, a shwa, Hadare a busa bakeng sa hae, mme lebitso la motse wa hae e le Pau. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehetabela, moradi wa Materede, moradi wa Me-Sahabe.
Ana ke mabitso a mahosana a tswetsweng ke Esau, ho ya ka malapa a wona, le ka dibaka tseo a ahileng ho tsona, le ka mabitso a wona: bokgosana Timina, le Alefa, le Jetete,