Jwale Jakobo a tloha Beeresheba, mme bara ba Iseraele ba palamisa Jakobo ntata bona, le bana ba bona, le basadi ba bona makoloing ao Faro a neng a a rometse ho mo lata.
Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.
Bana ke bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo ha ba le Padane-Arame, hammoho le moradi wa hae Dina. Bara le baradi ba hae bohle ba bile mashome a mararo a metso e meraro.
Batho hohle ba ileng ba ya Egepeta le Jakobo, ba leloko la hae, ho sa balwe basadi ba bara ba hae, e bile batho ba mashome a tsheletseng le metso e tsheletseng.
Josefa a re ho bana babo, le ho ba lelapa la ntatae: “Ke tla nyoloha, ke yo tsebisa Faro, ke re ho yena: Ntate le bana beso, le ba lelapa la hae, ba tswang naheng ya Kanana, ba tlile ho nna.
Banna bao ke badisa ba mehlape, hobane haesale ba ruile diphoofolo, mme ba tlile le mehlape ya bona ya dinku le ya dikgoma, le tsohle tseo ba nang le tsona.
le tle le re: Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona, e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”