Yaba Morena o re: “Moya wa ka o ke ke wa hlola ka ho motho kamehla eohle, hobane motho ke nama feela. Ditshiu tsa hae e tla ba dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi.”
Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo.
Yaba Morena o re: “Batho bao ke ba bopileng ke tla ba fedisa lefatsheng; batho, mmoho le diphoofolo, le dihahabi, le dinonyana tse fofang, hobane ke a itshwabela ha ke ile ka ba etsa.”
Jwale Modimo a re ho Nowe: “Ke rerile ho fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, hobane lefatshe le tletse dipolayano ka baka la batho; ke tla ba timetsa mmoho le lefatshe.
O tla e haha tjena: bolelele ba areka e be dimethara tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme bophahamo ba yona e be dimethara tse leshome le metso e meraro.
Areka eo o e etsetse fesetere e tla kenya lesedi, mme pakeng tsa yona le marulelo e be bolelele ba disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene; monyako wa areka o etswe lehlakoreng la yona. Ho be le dikamore tse katlase, tse hare, le tse kahodimo.