Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.
Maqosa a boela a tla, a re: “Bene-Hadade o bua tjena, o re: Le hoja ke ne ke o rometse molaetsa, ke itse o ntlisetse silefera ya hao, le kgauta ya hao, le basadi ba hao, le bana ba hao,
hosasane, ka yona nako ena, ke tla romela bahlanka ba ka ho wena, ba tlo hlahloba ntlo ya hao, le matlo a bahlanka ba hao, mme ba inkele ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya bohlokwa ho wena, ba tsamaye ka yona. ”
Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.”
Ka baka leo, a re ho maqosa a Bene-Hadade: “Bolellang monga ka, kgosi, le re: Tsohle tseo o di batlileng ho mohlanka wa hao ka lekgetlo la pele ke tla di etsa, empa ha e le hona hona, nke ke ka ho etsa. ” Maqosa a tsamaya, a isa karabo.
Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, a ke keng wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”
Bo-Bene-Hadade le dikgosi ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong. Ha Bene-Hadade a utlwa molaetsa ona, a re ho bahlanka ba hae: “Theang theko!” Yaba ba thea theko, ba futuhela motse.
Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena. ”
Yaba Akabe o re: “E tla ba ka mang?” Moporofeta a re: “Morena o bua tjena: E tla ba ka bahlanka ba mahosana a ditereke. ” Akabe a re: “Ntwa e tla laolwa ke mang?” Moporofeta a mo araba, a re: “Ke wena.”
Jwale Akabe a bala bahlanka ba mahosana a ditereke, mme a fumana ba le makgolo a mabedi le mashome a mararo a metso e mmedi. Kamorao ho moo a bala bahlabani bohle ba bana ba Iseraele, mme bona ya eba dikete tse supileng.
Ba futuha ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Bo-Bene-Hadade le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse neng di mo tlatsitse, ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong, ba tahilwe.
Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.
Jwale moporofeta a fihla ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Tsamaya, o yo hlopha mabotho a hao, o bone hore na o tla etsa jwang, hobane ha selemo se thwasa kgosi ya Arame e tla o futuhela.”
Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola.
Kgobokanya mabotho a lekanang le a ileng a bolawa; dipere di be kaalo ka tsa pele, le dikariki tsa ntwa di be kaalo ka tsa pele. Re tla ba lwantshetsa phuleng, mme ruri re tla ba hlola.” Yaba o mamela seo ba se buang, mme a etsa jwalo.
Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha.
Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena. ”
Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo.
Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.
Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Mamela mona; re utlwile hore dikgosi tsa Baiseraele ke dikgosi tse mohau; ka baka leo, re a o kopa: Re dumelle re itlame matheka ka masela a mahwashe, re qhake dihlooho tsa rona ka dithapo, re ye ho kgosi ya Iseraele, mohlomong e ka o qenehela.”
Yaba ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba qhaka dihlooho tsa bona ka dithapo, ba ya ho kgosi ya Iseraele, ba fihla ba re: “Mohlanka wa hao Bene-Hadade o re: Ke a o rapela: O se ke wa mpolaya! ” Yaba kgosi ya Iseraele e re: “O ntsa phela? Ke ngwaneso!”
Banna bao ba ba sedi haholo ho bona moo moya o fokelang teng, mme hanghang, ha ba bone, ba re: “E, ngwaneno Bene-Hadade!” Yaba e re: “Tsamayang, le yo mo lata!” Bene-Hadade a fihla ho kgosi ya Iseraele, mme ya mo palamisa kariki ya yona ya ntwa.
Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.” Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla.
Yaba o re ho yena: “Kahobane ha wa hlompha taelo ya Morena, hanghang ha o tloha ho nna mona, tau e tla o bolaya.” Yare hanghang hoba a tlohe ho eo, tau ya kgahlana le yena, mme ya mmolaya.
Ha kgosi e feta a e howeletsa, a re: “Mohlanka wa hao o ne a ikakgetse moo ntwa e leng mahlomafubedu; yaba monna e mong o tswa hara theko, o ntlisetsa motho, o re ho nna: Disa motho enwa! Haeba a ka tshoha a phonyoha, o tla bolawa bakeng sa hae; ho seng jwalo o tla lefa silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.
Ha mohlanka wa hao a ntse a tshwere ka mona le ka mane, monna eo a nyamela.” Kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Kahlolo ya hao e tla ba yona eo. Ke wena ya itheretseng yona.”
Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae. ”