BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di tlwaetseng ho futuha ka yona, Joabe a tswa le mabotho, me a ripitla naha ya Baamone. Kamorao ho moo a ya etsetsa motse wa Raba thibella. Ha e le Davida yena o ne a setse Jerusalema. Joabe a hlola motse wa Raba, mme a o timetsa. |
| 2 |
| Davida a rodisa kgosi ya bona mofapahlooho wa yona wa kgauta, oo boima ba wona e neng e le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. O ne o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa, mme ba o rwesa Davida. A tswa motseng oo a haharile kgapo e ngata, |
| 3 |
| a bile a hapile le baahi ba motse oo; a ba sebedisa ka disakga, le ka dipeke, le ka dilepe. Metse yohle ya Baamone o ne a ye a e etse jwalo. Yaba Davida o kgutlela Jerusalema le bahlabani bohle. |
| 4 |
| Kamorao ho mona, ntwa ya qhoma Gesere, pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Sibekai wa Mohusha a bolaya Sipai, eo e neng e le seqhobane, mme Bafilesita ba hlolwa. |
| 5 |
| Ntwa ya boela ya qhoma pakeng tsa Baiseraele le Bafilesita. Elehanana, mora wa Jaire, a bolaya Lahemi, ngwanabo Goliate wa Mogate, eo theko ya lerumo la hae e neng e le kaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang. |
| 6 |
| Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate, moo ho neng ho ena le safola ya monna. Le leng le le leng la matsoho a hae le maoto a hae le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene. Le yena e ne e le seqhobane. |
| 7 |
| Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya, hobane o ne a ile a nyedisa Baiseraele. |
| 8 |
| Batho bana ba ne ba tswetswe ke diqhobane tsa Gate; feela ba ile ba bolawa ke Davida le bahlanka ba hae. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/1chronicles/020.mp3
29
20