Bara ba Obede-Edomo e ne e le Shemaya, letsibolo la hae, wa bobedi e le Jehosabada, wa boraro e le Jowa, wa bone e le Sakara, wa bohlano e le Netanele,
Bana bohle e ne e le ditloholo tsa Obede-Edomo; bona le bara ba bona, le bang ka bona, e ne e le banna ba matla, ba sebetsang ka thata. Ditloholo tsa Obede-Edomo di ne di le mashome a tsheletseng a metso e mmedi.
Le Hosa, wa bana ba Merari, o ne a ena le bara. Shimeri e ne e le yena hlooho ya bona. Le hoja e ne e se yena letsibolo, feela ntatae o ile a mo etsa hlooho.
Mora wa bobedi e ne e le Hilekiya, wa boraro e le Tebaleya, wa bone e le Sekariya. Kaofela bara ba Hosa le baena ba hae ba ne ba le leshome le metso e meraro.
Dihlopha tsena tsa balebedi ba menyako, di le tlasa baokamedi ba tsona, di ne di abetswe ho sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, sehlopha ka seng se sebeletsa jwaloka tse ding.
Lotho le kgethang molebedi wa monyako o ka botjhabela la ntsha Shelemiya. Mora wa hae Sekariya, eo e neng e le moeletsi ya bohlale, le yena a etsetswa lotho, mme la mo ntshetsa ho lebela monyako o ka leboya.
Lotho le kgethang balebedi ba monyako o ka bophirimela, le balebedi ba monyako wa Shalekete, o mmileng o kahodimo, la ntsha Shupime le Hosa. Balebedi ba ne ba suthelana.
Ka letsatsi le leng le le leng, Balevi ba tsheletseng ba ne ba lebela ka botjhabela, ba bane ba lebela ka leboya, ba bane ba lebela ka borwa, mme tlung ya polokelo ba lebela ka bobedi, ba suthelana.
Bang ka yena, ba tswetsweng ke Eleesere, ke bana: Eleesere a tswala Rehabeya, Rehabeya a tswala Jeshaya, Jeshaya a tswala Jorame, Jorame a tswala Sikeri, Sikeri a tswala Shelomite.
Ke bo-Shelomite le bana babo, bao e neng e le balebedi ba matlotlo a dimpho tse abetsweng Morena, tseo kgosi Davida, le dihlooho tsa malapa, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le balaodi ba mabotho, ba ileng ba di abela Morena.
Tsohle tseo moporofeta Samuele, le Saule mora wa Kishe, le Abinere mora wa Nere, le Joabe mora wa Seruya, ba neng ba di abetse Morena, le tsohle tseo mang kapa mang a neng a di abetse Morena, di ne di laolwa ke Shelomite le bana babo.
Hara ditloholo tsa Heborone, Hashabiya le bana babo ba sekete le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e ne e le bona baokamedi ba mosebetsi wohle wa Morena, ba okametse le tshebeletso yohle ya kgosi naheng ya Iseraele e ka bophirimela ho Jorodane.
Hara ditloholo tsa Heborone, Jeriya e ne e le yena hlooho, ho ya ka ho hlahlamana ha malapa abo tsona. Ka selemo sa mashome a mane sa puso ya Davida, ba fuputsa hara ba morabe wa Heborone, mme ha fumanwa bahale Jasere e Gileade.
Bang ka yena, ba dikete tse pedi le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba laelwa ke Davida hore ditabeng tsohle tsa borapedi, le tsa puso, ba okamele ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le ba karolo ya morabe wa Manase.