Jabese a ipiletsa ho Modimo wa Iseraele, a re: “Ke a o rapela: O ke o ntlohohonolofatse, o nkekeletse naha, o mpaballe, o ntshireletse, mme ke se ke ka hlokofatswa.” Modimo a mo nea seo a se kopileng.
Meonotai a tswala Ofera. Seraya a tswala Joabe. Joabe a thea motse o bitswang Kgohlo ya Ditsebi, hobane baahi ba wona e ne e le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.
Bana ke bara ba Esera: Jetere, le Merede, le Efere, le Jalone, Merede a nyala Bitiya, moradi wa Faro, mme a mo tswalla moradi ya bitswang Meriama, le bara ba babedi, Shamai le Jisheba. Jisheba ke yena mothei wa Eshetemoa.
Bana ke bara ba Shela, mora wa Juda: Ere ya ileng a thea Leka, le Lada ya ileng a thea Maresha, le ba merabe ya ba neng ba etsa masela a lene, mane Bete-Ashebea,
Shimei o ne a ena le bara ba leshome le metso e tsheletseng, le baradi ba tsheletseng, empa bana babo ba ne ba se na bana; ka lebaka lena morabe wa bona wa se ke wa ata jwaloka morabe wa Juda.
Banna bana ba boletsweng ka mabitso ba ne ba fihle mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda. Ba futuhela diahelo tsa Bahame le tsa Bameune ba neng ba ahile moo, ba ba ripitla ho hang, jwalokaha ho ntse ho bonahala le kajeno-ya-bokajeno. Jwale ba aha naheng eo ya bona, hobane mehlape ya bona e ne e fumane makgulo.
Banna ba ka bang makgolo a mahlano, ba morabe ona wa Simeone, ba futuhela Thaba ya Seire ba eteletswe pele ke Pelatiya, le Neareya, le Refaya, le Usiele, bara ba Ishi.