Bara ba Tola e ne e le Usi, le Refaya, le Jeriele, le Jahemai, le Jibesame, le Samuele. E ne e le dihlooho tsa malapa a ntata bona Tola, e bile e le bahale. Mehleng ya Davida palo ya ditloholo tsa Tola e ne e le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le makgolo a tsheletseng.
Mora wa Usi e ne e le Jiserahiya, bara ba Jiserahiya e le Mikaele, le Obadiya, le Joele, le Jishiya. Ba ne ba le bahlano. Kaofela ha bona e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona.
Ho ya ka ho hlahlamana ha malapa abo bona, ba ne ba ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng, kaha ba ne ba nyetse sethepu, mme ba ena le bana ba bangata.
Bara ba Bela bona e ne e le Esebone, le Usi, le Usiele, le Jerimote, le Iri. Ba ne ba le bahlano. E ne e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Bukeng eo ba ngotsweng ho yona, ba ne ba le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le mashome a mararo a metso e mene.
Bara ba Bekere bona e ne e le Semira, le Jowashe, le Eleesere, le Eleunai, le Omeri, le Jeremote, le Abiya le Anatotiya, le Alemete. Bana kaofela e ne e le bara ba Bekere.
Bana kaofela e ne e le ditloholo tsa Jediaele, e le dihlooho tsa malapa abo bona, e bile e le bahale. Ba ne ba le dikete tse leshome le metso e supileng le makgolo a mabedi, mme e le malalaalaotswe.
Yaba Makiri o nyala kgaitsedi ya Hupime le Shupime, eo lebitso la yona e neng e le Maaka. Mora wa bobedi wa Manase e ne e le Selofehade, ya ileng a ba le baradi feela.
Tahate a tswala Sabada, Sabada a tswala Shutela. Efraime o ne a ena le bara ba bang ba babedi, e leng Esere le Elade, ba neng ba bolawe ke banna ba matswallwa a Gate, ha ba ne ba ilo hapa mehlape ya bona.
Efraime a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae. Mosadi eo wa hae a ithwala, mme a tswala mora. Efraime a mo rea lebitso le Beria, hobane lelapa la hae le ne le hlahetswe ke bomadimabe.
Naha ya bona, eo ba neng ba ahile ho yona, e ne e le Bethele le metsana ya yona. Ka botjhabela e le Naarane, ka bophirimela e le Gesere le metsana ya yona, le Shekeme le metsana ya yona, le ho ya fihla Aya le metsaneng ya yona.
Meeding ya ba morabe wa Manase e le Bete-Sheane le metsana ya yona, le Taanake le metsana ya yona, le Megido le metsana ya yona, le Dore le metsana ya yona. Bara ba Josefa, mora wa Iseraele, ba ne ba ahile metseng ena.
Bana bohle e ne e le ditloholo tsa Ashere, e le dihlooho tsa malapa abo bona. E ne e le mokgetho wa bahale, e bile e le baokamedi ba mahosana. Ba ngotsweng bukeng ya leloko e ne e le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng.