A bea mabotho a hae metseng yohle e haheleditsweng e naheng ya Juda. A hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Juda le metseng ya naha ya ba morabe wa Efraime, eo Asa, ntatae, a neng a ile a e hapa.
A ba motlotlo ho sebeletsa Morena. A ba a fedisa le dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a tlosa le ditshwantsho tsa Ashera naheng ya Juda.
Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a romela mahosana a hae, e leng Bene-Haile, le Obadiya, le Sekariya, le Netanele, le Mmikiya, ho ya ruta metseng ya Juda.
A ba romela ba ena le Balevi bana: Shemaya, le Netaniya, le Sebadiya, le Asaele, le Shemiramote, le Jehonathane, le Adoniya, le Tobiya, le Tobe-Adoniya, le baprista Eleshama le Jehorame.
Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.
Palo ya bahlabani bana, ho ya ka malapa abo bona, ke ena: Ho ba morabe wa Juda, Adena e ne e le mookamedi wa balaodi ba ba sekete; a okametse bahale ba dikete tse makgolo a mararo.