×

BIBELE Bible 1989

2 Likronike 27

1
Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke.
2
Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa. Feela ha a a ka a kena ka Tempeleng ya Morena. Setjhaba sona sa nna sa etsa bokgopo.
3
Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo.
4
Le dithabeng tsa naha ya Juda a haha metse, mme merung a haha diqhobosheane le ditora.
5
A futuhela le kgosi ya Baamone, a e hlola. Ka sona selemo seo Baamone ba mo thella ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le ka koro e etsang boima ba dithane tse sekete, le ka harese e etsang boima ba dithane tse sekete. Ka selemo sa bobedi, le ka selemo sa boraro, Baamone ba nna ba mo thella hakaalo.
6
Jotame a matlafala, hobane o ne a tshepahala ho Morena Modimo wa hae.
7
Diketso tse ding tsa Jotame, le dintwa tsohle tsa hae, le mesebetsi ya hae, tsena di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda.
8
O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema.
9
Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha