BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Kgosi Ahashuerushe a ntshisa naha ya hae le dihlekehleke lekgetho. |
| 2 |
| Diketso tsohle tse bontshang matla a hae, le bonatla ba hae, le ditlhaloso tsa boholo boo kgosi e ileng ya phahamisetsa Moredekai ho bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Media le tsa Peresiya. |
| 3 |
| Moredekai wa Mojuda e ne e le yena ya hlahlamang kgosi Ahashuerushe, mme hara Bajuda e le yena ya ka sehloohong, a ratwa ke setjhaba sa habo. O ne a sebeletsa boiketlo ba setjhaba sa habo, mme a se buella hore se phediswe ka kgotso. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/esther/010.mp3
10
10