|
| 1 |
|
| “Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile. |
|
| 2 |
|
| Ke tla re ho Modimo: Se ke be wa nkahlola; mpolelle tseo o nqosang ka tsona. |
|
| 3 |
|
| O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo? |
|
| 4 |
|
| Na o na le mahlo a nama? Na o bona jwalokaha batho ba bona? |
|
| 5 |
|
| Na tshiu tsa hao di tshwana le tshiu tsa batho? Na ngwaha tsa hao di tshwana le ngwaha tsa batho? |
|
| 6 |
|
| Ha e le moo o tswile bosele ho tsoma bokgopo ba ka, o batla, o batlisisa le sebe sa ka? |
|
| 7 |
|
| Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao. |
|
| 8 |
|
| “ Kahohlehohle ke bopilwe ke matsoho a hao, empa jwale ke se ke timetswa ke wena! |
|
| 9 |
|
| Ako hopole, o mpopile seka letsopa; na o tla nkgutlisetsa leroleng hape? |
|
| 10 |
|
| Na ha o a nqhatsa jwalokaha ho qhatswa lebese, wa mphehla jwalokaha leokwana le fehlwa? |
|
| 11 |
|
| Wa nkapesa ka letlalo le ka dinama, wa ntlamahanya ka masapo le ka mesifa? |
|
| 12 |
|
| O nneile bophelo, wa ba wa nnea lerato, wa mpoloka, wa baballa le moya wa ka. |
|
| 13 |
|
| “ Tsena e ne le kunutu la pelo ya hao, ke a tseba, tsena e ne le morero wa hao: |
|
| 14 |
|
| Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka. |
|
| 15 |
|
| Haeba ke molato bomadimabe ke ba ka! Leha ke se molato nke ke ka tadima motho, ke hlajwa ke dihlong ke lweba ka hara tlokotsi. |
|
| 16 |
|
| Ha hlooho ya ka e phahama o tla ntsoma jwaloka tau, o ntlhokofatsa ka ho nketsetsa dimakatso. |
|
| 17 |
|
| O tlisa paki tse ntjha ho nnyopisetsa bopaki, le kgalefo ya hao e ntlokomela ho feta, mara a hao a mphutuhela ka mekgahlelo. |
|
| 18 |
|
| “ Ke hobaneng o entseng hore ke tswalwe? Eka nkabe ke shwele ke eso bonwe ke motho! |
|
| 19 |
|
| Eka nkabe ke sa ka ka ba ka tswalwa, kapa ka iswa lebitleng ha ke qeta ho tswalwa! |
|
| 20 |
|
| Tshiu tsa ka di kgutshwanyane, di a feta; ako ntlohele, ke re kgefu! ho se hokae, |
|
| 21 |
|
| ke eso ikele kwana bo-ya-batho, fatsheng le lefifi, le meriti e metsho; |
|
| 22 |
|
| fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi! ” |
|
|
|
|