|
| 1 |
|
| “Tsena tsohle ke di bone ka mahlo a ka, ka tsebe tsa ka ka di utlwa, ka di utlwisisa. |
|
| 2 |
|
| Ke tseba tsena jwalokaha le lona le di tseba, etswe le hona ha le mphete ka letho! |
|
| 3 |
|
| Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle, ho ipiletsa ho Modimo ke ho tjhesehela haholo. |
|
| 4 |
|
| Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla. |
|
| 5 |
|
| Eka le ka kgutsa ho bua, la kgutsetsa ruri! Hoo e ne tla be e le bohlale, e le bohlale ho lona! |
|
| 6 |
|
| Jwale mamelang ha ke ikarabella, le utlwe ha ke ipuella ka molomo wa ka. |
|
| 7 |
|
| Na le buella Modimo ka ho bua bokgopo? Na le ka mmuella ka ho bua mashano? |
|
| 8 |
|
| Ebe le leka ho sekamela ka ho Modimo, kapa le iketsa babuelli ba hae nyeweng? |
|
| 9 |
|
| Ha a le hoqisa ka dipotso ho tla ba jwang? Le tla mo soma jwalokaha le soma motho? |
|
| 10 |
|
| Ruri o tla fela a le kgaleme, ha le sebetsa leeme ka lekunutu. |
|
| 11 |
|
| Na tlotla ya hae ha e tlo le kenya letswalo, kgalefo ya hae e tsubellele hodima lona? |
|
| 12 |
|
| Maele a lona a tshwana le molora hantle, boitshireletso ba lona bo tshwana le ba letsopa. |
|
| 13 |
|
| “Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua, se ntlhahelang se mpe se ntlhahlele. |
|
| 14 |
|
| Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile, bophelo ba ka ke bapala diketo ka bona! |
|
| 15 |
|
| Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane. |
|
| 16 |
|
| Hona e tla ba yona pholoho ya ka: Moetsadibe a ke ke a ema kapele ho yena. |
|
| 17 |
|
| Mamelang mantswe ana a ka, le a mamele ka hloko, polelo tsena tsa ka le di sekehele tsebe. |
|
| 18 |
|
| Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato. |
|
| 19 |
|
| Ke mang ya ka tsekisanang le nna? Ha a le teng ke tla kgutsa, ke itjhwelle. |
|
| 20 |
|
| “Oho, Modimo, ako ntumelle ka ntho di le pedi, mme nke ke be ka ipatela wena: |
|
| 21 |
|
| Ako tlosetse tsoho la hao hole le nna, kgalefo ya hao e se ke ya ntshosa; |
|
| 22 |
|
| nkise kgotla ke tle ke o arabe, o ntumelle ke bue, le wena o nkarabe. |
|
| 23 |
|
| Ke entse makgopo le dibe di le kae? Ako ntsebise tshito tsa ka le sebe sa ka. |
|
| 24 |
|
| Ke hobaneng ha o mpatela fahleho sa hao, o ntadima ke se ke le sera sa hao? |
|
| 25 |
|
| O tla lelekisana le lehlaku, lehlaku le feferetseha le moya, o lelekisane le mmoko o omeletse? |
|
| 26 |
|
| O nqosa ka tse bohloko, o nkotlela makgopo a botjha ba ka. |
|
| 27 |
|
| Maoto a ka a tlamilwe ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola, bohato ba maoto a ka o a bo thaleha. |
|
| 28 |
|
| “Kahoo motho o motela sa ntho e bodile, o naphoha sa kobo e jelwe ke tshwele. |
|
|
|
|