|
| 1 |
|
| Yaba Jobo o a araba, o re: |
|
| 2 |
|
| “Tse kang tsena ke di utlwile hangata; lona bohle le batshedisi ba tenang motho! |
|
| 3 |
|
| Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe? |
|
| 4 |
|
| Hoja boemo ba ka e ne le ba lona, ke ne nka nna ka bua jwaloka lona, ka puo tse ngata ka le tlameletsa, ka ba ka thukuthela hlooho ya ka ho lona. |
|
| 5 |
|
| Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi. |
|
| 6 |
|
| “Leha nka bua, bohloko ba ka ha bo kokobele; leha ke kgutsitse, bona ha bo ntlohele. |
|
| 7 |
|
| Oho, Modimo, o fela o ntshotlile, lapa la ka lohle le timeditswe ke wena; |
|
| 8 |
|
| o ile wa ntlhasinya, mme o sera sa ka; bokojwane ba ka ke paki e nqosang ke e shebile. |
|
| 9 |
|
| Ya ntlhoileng, ka kgalefo o a ntlepolaka, o ntsikitlanyetsa meno a hae; sera sa ka se ntjheba ka mahlo a ntjhotjho! |
|
| 10 |
|
| Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka. |
|
| 11 |
|
| Modimo o nneeletse ka balotsana, o ntahletse matsohong a batho ba kgopo. |
|
| 12 |
|
| Ke ne ke iketlile, ke mona o ntshuhlamantse, a mphamola ka molalana, yaba o a mpidila, a ntlhoma ho ba sekgopi sa metsu ya hae. |
|
| 13 |
|
| Metsu ya hae e nketseditse lethala, o harola dikahare tsa ka a se na mohau, nyooko ya ka yona o e qhalanyetsa fatshe. |
|
| 14 |
|
| O ntlhaba a sa tswa ntlhaba, o nkgorohela jwaloka seqhobane. |
|
| 15 |
|
| “Mmeleng wa ka ke apere tse mahwashe, ka phatla ya ka leroleng ka sunyama; |
|
| 16 |
|
| mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka; |
|
| 17 |
|
| leha matsoho a ka a sa fuparela bokgopo, le thapelo ya ka ho Modimo e hlwekile.” |
|
| 18 |
|
| “Oho, wena lefatshe, madi a ka o se ke wa a monya, boipiletso ba ka bo se ke ba kgaotsa! |
|
| 19 |
|
| Le jwale paki ya ka e lehodimong, mmuelli wa ka le yena o hodimodimo. |
|
| 20 |
|
| Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo. |
|
| 21 |
|
| Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle? |
|
| 22 |
|
| “Ho tla feta lemo di le mmalwana, ebe nna ke nka tsela e yang bo-ya-batho.” |
|
|
|
|