BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| “Moya wa ka o tetebetse, matsatsi a ka a kgutsufetse, bitla le lona le nkemetse. |
| 2 |
| Basomi ba mpotapotile, mahlo a ka a tadimile bora ba bona. |
| 3 |
| “Nkgolwe, Modimo, ke bua nnete, ha ho na e mong ya ka mpakelang; |
| 4 |
| kelello tsa bona o di thithibantse, kahoo o se ka ba ba thusa, ba hlola. |
| 5 |
| Ya ekang motswalle ho fumana moputso, bana ba hae ba tla lebella mahlo a ba kgathale. |
| 6 |
| “Ho bohle ke se ke fetohile sesomo, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe; |
| 7 |
| mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi, ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti. |
| 8 |
| Hona batho ba lokileng ba ho makaletse, ba se nang molato ba nyatsa ba kgopo; |
| 9 |
| ya lokileng o tla tiisetsa tseleng ya hae, ya matsoho a hlwekileng a nne a matlafale.” |
| 10 |
| “Lona bohle boelang le leke hape! Feela hara lona ha ke bone mohlalefi. |
| 11 |
| Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka e nyopile; takatso tsa pelo ya ka le tsona di nyopile. |
| 12 |
| Bosiu ba bo fetola motsheare, ha ho le lefifi ba re: Sedi le haufi! |
| 13 |
| Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu, eba phate tsa ka ke di ala lefifing; |
| 14 |
| haeba ke re ho lebitla: Ke wena ntate, ho seboko ke re: O mme, o kgaitsedi, |
| 15 |
| ebe jwale tshepo ya ka e tla ba kae? ebe ke mang ya tla e bona? |
| 16 |
| E tla theohela le nna lebitleng, e theohele le nna leroleng.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/job/017.mp3
42
17