|
| 1 |
|
| Jobo a boela a araba, a re: |
|
| 2 |
|
| “Ebe le tla nlhokofatsa halelele hakae, le ntshithabetse ka dipolelo ho fihlela neng? |
|
| 3 |
|
| Ke ka makgetlokgetlo le nnyahanya, le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola; |
|
| 4 |
|
| haeba ke nnete, ke entse phoso, phoso eo ke ya ka, ha e le ame ka letho. |
|
| 5 |
|
| Haeba le iphahamisetsa kahodimo ho nna, le nqosa ka baka la tlokotsi ena ya ka; |
|
| 6 |
|
| jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae. |
|
| 7 |
|
| Ha ke howa, ke re: Bosoro! ha ke arabelwe! Ke howa haholo, empa toka ha e eo! |
|
| 8 |
|
| “O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta; tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi. |
|
| 9 |
|
| O nkamohile boitlhompho ba ka, o nthodisitse le mofapahlooho, |
|
| 10 |
|
| o ntlepola kahohle, mme ke a ikela, tshepo ka ya o e fothotse seka sefate. |
|
| 11 |
|
| Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae, yena o ntadima ke le sera sa hae; |
|
| 12 |
|
| ke futuhetswe ke mabotho a hae, a hlomme diahelo ho potapota lapa la ka. |
|
| 13 |
|
| “Modimo o entse hore bana beso ba nkwekwetle, metswalle le yona e mphuralle ho qeta. |
|
| 14 |
|
| Bahaeso le bona ba se ba ntahlile, balekane ba ka ba se ba ntebetse. |
|
| 15 |
|
| Ho baeti le makgabunyane a lapa la ka, ke tadingwa ke le moeti, ke le molata. |
|
| 16 |
|
| Ha ke bitsa mohlanka wa ka ha a arabele, esita leha ke ipiletsa ho yena. |
|
| 17 |
|
| Mohatsa ka o nkgelwa ke moya wa ka, bana beso le bona ba a nnyonya; |
|
| 18 |
|
| diratha le tsona di a nnyedisa, ha ke hlaha eba di a ntlaka. |
|
| 19 |
|
| Ba ntshanang se inong le nna ba a nnyonya, ke furaletswe le ke baratuwa ba ka. |
|
| 20 |
|
| Ke moote, ke manne, o ka mpala dikgopo, ke phonyohile feela ka la mohaswa lesoba. |
|
| 21 |
|
| “Nkgauheleng! Nkgauheleng! lona metswalle ya ka! ke otlilwe ke Modimo ka tsoho la hae! |
|
| 22 |
|
| Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama? |
|
| 23 |
|
| “Polelo tsena tsa ka eka di ka be di ngolwa, eka di ka be di ngolwa, di etswa buka, |
|
| 24 |
|
| di ngolwa ka pene ya tshepe tlapeng la loto, di ngolwa lefikeng, di hlole kamehla yohle! |
|
| 25 |
|
| “Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele. |
|
| 26 |
|
| Leha tlalo la ka le tla be se le bodile, ka mahlo Modimo ke tla mmona ke se mmeleng ona; |
|
| 27 |
|
| ke yena eo ke tla fela ke mmone ka seqo, ke mmone ka mahlo a ka ke sa romeletsa. Ka pelo ya ka yohle ke labalabela hoo! |
|
| 28 |
|
| “Haeba le ka re: Re sa tla mo hlorisa, hobane sesosa sa taba se ka pelong ya hae! |
|
| 29 |
|
| Lona, ka bolona, le hle le tshabe sabole, hoba sebe sa kgalefo, kotlo ya sona ke sabole, le tle le tsebe hore efela kahlolo e teng.” |
|
|
|
|