|
| 1 |
|
| Yaba Sofara ya tswang Naama o a araba, o re: |
|
| 2 |
|
| “Ka baka la lehala le ka pelong ya ka, menahano ya ka e re ke o arabe. |
|
| 3 |
|
| Ke utlwa kgalemelo e ntshwenyang maikutlo, moya wa ka o nthuta hore ke e arabe. |
|
| 4 |
|
| “Ha ke re o a tseba, ho tloha boholoholo, ho tloha ha lefatsheng mona ho bewa motho: |
|
| 5 |
|
| Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela? |
|
| 6 |
|
| Leha boikgantsho ba hae bo ka fihla mahodimong, hlooho ya hae ya ithwesa tlokola ya maru, |
|
| 7 |
|
| o tla timella ruri jwaloka thete la hae, ba mmoneng ba re: Ekaba o nyametse kae? |
|
| 8 |
|
| O tla fela sa toro, a se hlole a fumanwa; jwaloka pono ya bosiu a nyamele. |
|
| 9 |
|
| Leihlo le mo itseng hedi! le ke se mmone hape; le tulo tsa hae di ke ke tsa hlola di sa mmona. |
|
| 10 |
|
| Bara ba hae ba qekisa ho ratwa ke mafutsana, ba buseletsa mafutsana qhoqha ya ntata bona. |
|
| 11 |
|
| Bokwakwariri ba botjha bo tletse masapo a hae, ha a kgutlela leroleng bo tla lala le yena teng. |
|
| 12 |
|
| “Le hoja bokgopo bo mo natefela lehano, a bile a bo pata tlasa leleme la hae; |
|
| 13 |
|
| a sa ikutlwe ho ka kgaohana le bona, a bo moma, a bo boloka ka hanong la hae; |
|
| 14 |
|
| dijo tseo di a hlasa ha di fihla ka mohodung, di iphetole mahloko a bo-marabe. |
|
| 15 |
|
| Menono o a e metsa, o bile o a e hlatsa, Modimo o a mo hlatsisa, o kgofa mohodu wa hae. |
|
| 16 |
|
| O tla mokonyetsa bohloko ba bo-marabe, dikwetsepe tsa qowane tsona di mmolaye. |
|
| 17 |
|
| Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona, le phororo tse phallang tsa dinotshi le tsa lebese. |
|
| 18 |
|
| Tsa matsoho a hae o di busetsa a so di latswe, tse tswalwang ke kgwebo le tsona ha di mo thabise. |
|
| 19 |
|
| O tubile mafutsana, a a siya a itlhophere, a ikgapela matlo e se a matsoho a hae. |
|
| 20 |
|
| “Ha a na ho fuwa tsweya ke takatso tsa hae, a ke ke a ipholosa le ka maruo a hae. |
|
| 21 |
|
| Meharo ya hae ha e a siya le pala, boiketlo ba hae ke ba nakwana; |
|
| 22 |
|
| o tla tsieleha a ntsa hafa ka nkatana, mafutsana a wele ka sekgahla, a wele hodima hae. |
|
| 23 |
|
| Etlare hoja a kgotshe sa mpana-phatloha, kgalefo ya Modimo e mo tlokomele malakabe, thala la metsu le mo lethehele hodimo. |
|
| 24 |
|
| Leha a ka ba a phonyoha lerumo la tshepe, seqha sa lethose sona se tla mo fula, |
|
| 25 |
|
| motsu wa sona o yo phunyeletsa mokokotlo, ntlha ya wona e phatsimang e qhale nyooko, matshabeho a lefu a mo aparele kahohle. |
|
| 26 |
|
| Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse, o tla timetswa ke mollo o se na sebutswelo, ba setseng lapeng la hae ba tamukane. |
|
| 27 |
|
| Mahodimo a tla talola bokgopo ba hae, lefatshe le eme ka maoto ho mo qosa. |
|
| 28 |
|
| Ntlo ya hae e tla hoholwa ke sekgohola, ke phororo tsa kgalefo ya Modimo ha e tlokoma. |
|
| 29 |
|
| Ona ke wona moputso wa ya kgopo, lefa leo a le abetsweng ke Modimo.” |
|
|
|
|