|
| 1 |
|
| Empa Jobo a araba Sofara, a re: |
|
| 2 |
|
| “Ako mamele puo ya ka, o e mamele ka hloko, ho mmamela hoo e be ho nketsetsa matshediso; |
|
| 3 |
|
| bea pelo, le nna ke bolele tsa ka, ha ke qetile ebe jwale o a ntshoma. |
|
| 4 |
|
| “Na ebe ke ipelaetsa ho motho? ho hloka mamello ebe ha ke ho lokele? |
|
| 5 |
|
| Ntadimeng, le tswe le makala, le thibe melomo ka matsoho a lona. |
|
| 6 |
|
| Tsena ha ke di hopola ke a nyaroha, mmele wa ka wohle o a thothomela. |
|
| 7 |
|
| “Ke hobaneng ha ba kgopo ba phela, ba tsofala, ba bile ba matlafala? |
|
| 8 |
|
| Ba bona bana ba bona ba hola, ba bile ba atleha, le tloholo tsa bona ba be ba di bone. |
|
| 9 |
|
| Malapa a bona a na le kgotso, a hloka tshabo, kotlo ya Modimo ha e eso ba wele hodimo. |
|
| 10 |
|
| Poho ya ya kgopo e a katika, ha e ke e lala, thole tsa hae di a tswala, ha di ke di folotsa. |
|
| 11 |
|
| Bashanyana ba bona ha ba etswa e ka re mohlape, bana ba bona ba a tlola, ba a thalaka. |
|
| 12 |
|
| Ba bina melodi ka moropa le ka harepa, ba thabela ho utlwa modumo wa lekodilo. |
|
| 13 |
|
| Bophelo ba bona ba bo qeta ba atlehile, hanghang ba theohele Nqalong ya Bafu. |
|
| 14 |
|
| Feela ba re ho Modimo: Re hlokomolohe! Ha re lakatse ho tseba ditsela tsa hao! |
|
| 15 |
|
| Ya Matla wohle re ka mo sebeletsa ha e le mang? Ho mo rapela ebe ho ka re putsa ka eng? |
|
| 16 |
|
| Feela katleho ya bona ha e laolwe ke bona; nna ke thoko le dikeletso, keletso tsa ba kgopo. |
|
| 17 |
|
| “Le tingwa hakae lebone la ba kgopo? Koduwa yona e ba wela hodimo hakae, ha Modimo a aba dikotlo a halefile? |
|
| 18 |
|
| Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera? |
|
| 19 |
|
| Modimo o isa kotlo tsa motho baneng ba hae; eka a ka be a otla yena mo-di-etsi, a mo otle le yena a tla ikutlwele. |
|
| 20 |
|
| Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole; |
|
| 21 |
|
| hoba palo ya kgwedi tsa hae ha e fedile, boiketlo ba lapa la hae ha a sa bo natsa. |
|
| 22 |
|
| Ke mang ya ka rutang Modimo bohlale, athe Modimo o ahlola le ba lehodimo? |
|
| 23 |
|
| “E mong motho o shwa e le sekwankwetla, a kgotsofetse, a bile a iketlile; |
|
| 24 |
|
| mmele wa hae o shahlile, o fepehile, moko o tiile ka masapong a hae; |
|
| 25 |
|
| e mong o shwa a hlorile moyeng, le boiketlo a sa ka ba bo tseba; |
|
| 26 |
|
| ba robala ba bapile roleng la lebitla, bobedi ba bona ba nyeunye diboko. |
|
| 27 |
|
| “Ke tseba ya lona mehopolo, le mano ao le ntherelang wona ke a a tseba. |
|
| 28 |
|
| Le ntse le re: Lapa la sekwele jwale le kae? Malapa a ba kgopo wona a kae? |
|
| 29 |
|
| Ha le eso botse bo-mafeta-ka-tsela? Polelo tsa bona ha le di natse, ha ba re: |
|
| 30 |
|
| Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa? |
|
| 31 |
|
| Ya ka mo nyatsang sefahlamahlo ke mang? Ketso tsa hae tsona a ka di ahlolelwa ke mang? |
|
| 32 |
|
| Empa o a nkwa, a iswe lebitleng, bitla la hae le lebelwe ka thata. |
|
| 33 |
|
| Qubu ya mobu e hodima hae ha e mo imele, batho bohle ba koloka kamora hae, kapele ho yena boiyane bo mo eteletse pele. |
|
| 34 |
|
| “Mafeela a lona a ka ntshedisa jwang? Karabo tsa lona di tletse thetso!” |
|
|
|
|