|
| 1 |
|
| Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re: |
|
| 2 |
|
| “Na motho a ka etsetsa Modimo tse molemo, jwalokaha mohlalefi a iketsetsa tse molemo? |
|
| 3 |
|
| Na ke thabo ho Ya Matla wohle haeba o lokile? Kapa o a mo entsha ha tsela tsa hao di hloka kodi? |
|
| 4 |
|
| “Na o tla o kgalemella ho mo tshaba ha hao, ka baka la hona a o etsetse qoso? |
|
| 5 |
|
| Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi! |
|
| 6 |
|
| O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana. |
|
| 7 |
|
| Ba nyorilweng ha o a ka ba nyorolla ka metsi, ba lapileng ha o a ka ba ngwathela letho, |
|
| 8 |
|
| le hoja o no le matla, fatshe o le ruile, batho ba o tlotla, o phela ho lona. |
|
| 9 |
|
| Bahlolohadi ba tlohile ho wena ba itlhophere, ha e le kgutsana tsona wa di robokela. |
|
| 10 |
|
| Ke kahoo maraba a o potapotileng kahohle, tshabo e tsometsang e o hlokisang boiketlo, |
|
| 11 |
|
| fifi le o aparetseng, o sitwang ho bona, phororo tsa metsi di phuthumanang hodima hao. |
|
| 12 |
|
| “Modimo ya mahodimong a hodimodimo, o tadimela dinaledi tlase, o di tadimela tlase le hoja di le hodimo! |
|
| 13 |
|
| Empa wena o re: Modimo o tseba eng? A ka ahlola jwang hara fifi le lekaalokaalo? |
|
| 14 |
|
| O hara lesira la maru, a ke ke a tseba ho bona, ha a ntsa ralotsa hopong la lehodimo. |
|
| 15 |
|
| “Na o tla hanella tseleng ya kgale, tseleng e kutlilweng ke ba kgopo? |
|
| 16 |
|
| Ba tlositswe nako ya bona e eso fihle, metheo ya bona ya hoholwa ke dikgohola; |
|
| 17 |
|
| bona ba itseng ho Modimo: Re hlokomolohe! Ya Matla wohle a ka re etsang? |
|
| 18 |
|
| Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo. |
|
| 19 |
|
| “Ba lokileng ha ba bona ba a nyakalla, ba se nang molato ba a soma, ba re: |
|
| 20 |
|
| Dira tsa rona di timeleditswe ruri, tlotlo la tsona la tjheswa ke malakabe. |
|
| 21 |
|
| “Boelana le Modimo, o tlo be le kgotso, ka ho etsa jwalo o tla tlelwa ke tse molemo. |
|
| 22 |
|
| Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao. |
|
| 23 |
|
| Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao. |
|
| 24 |
|
| Ha o lahla kgauta ya hao, o e lahlela hara lerole, le kgauta e tswang Ofire, o e lahlela dikgohlong hara mafika, |
|
| 25 |
|
| Ya Matla wohle e tla ba yena kgauta ya hao, e be silefera ya hao e hlwekisitsweng. |
|
| 26 |
|
| Ya Matla wohle o tla mo thabela, fahleho sa hao se tadime ho Modimo. |
|
| 27 |
|
| O tla rapela Modimo, ebe o a o utlwa, kano tsa hao o tsebe ho di phetha. |
|
| 28 |
|
| Merero yohle ya hao e tla atleha, sedi le kgantshetse tsela tsa hao; |
|
| 29 |
|
| hoba Modimo o kokobetsa baikakasi, baikokobetsi bona a ba pholose. |
|
| 30 |
|
| Le ya molato Modimo o a mo pholosa: O tla pholoswa ka ho hlweka ha matsoho a hao.” |
|
|
|
|