BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Yaba Jobo o a araba, o re: |
| 2 |
| “Le kajeno sello sa ka se sa le bohloko; le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo, tsoho la Modimo le ntse le nkimetse. |
| 3 |
| Hoja ke a tseba hore na nka mo fumana kae, ke ne ke tla ema kapela setulo sa hae, |
| 4 |
| nyewe ya ka ke e rale kapela hae, ka ho tlala ke lokodise mabaka a ka. |
| 5 |
| Ke ne ke tla utlwa ha a nkaraba, ke utlwisise polelo tsa hae ho nna. |
| 6 |
| Na Modimo a ka ntshobokella ka bonatla ba hae? Le ho ka! a ka sekeha tsebe, a mmamela! |
| 7 |
| Ya lokileng a ka arabisana le yena moo; ho Moahlodi wa ka ke lokollelwe ruri. |
| 8 |
| “Ha ke eya botjhabela ha ke mo fumane, ha ke eya bophirima le teng ha ke mo fumane, |
| 9 |
| ha a le leboya ha ke mmone, ha a sebetsa borwa le teng ha ke mmone. |
| 10 |
| Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta. |
| 11 |
| Mehato ya ka e hodima mehato ya hae, ke tsamaile tseleng ya hae, ha ke a e kgeloha. |
| 12 |
| Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae. |
| 13 |
| “Ha a rerile o rerile, a ka hanyetswa ke mang? O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae; |
| 14 |
| seo a se rerileng o se phetha ka nna, merero e kang ona e mengata ho yena, |
| 15 |
| ka baka leo ke tshaba ho ema kapele ho yena, ha ke mo hopola tswalo le a nkgekgetha. |
| 16 |
| Modimo o mphokodisitse, ke hloka sebete, Ya Matla wohle o nkgekgethisa letswalo; |
| 17 |
| empa lefifi le ke ke la nkgutsisa, fifi la bo-nka-ntjana le mphoufaditseng. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/job/023.mp3
42
23