|
| 1 |
|
| “Na Ya Matla wohle tsatsi la kahlolo ha a le tsebe? Ba mo sebeletsang nako ya lona ba a e tseba? |
|
| 2 |
|
| “Ba kgopo ba suthisa mekolokotwane ya meedi, ba utswe mehlape, ba be ba e katle. |
|
| 3 |
|
| Tonki ya kgutsana ba e kgothela pele, pholo ya mohlolohadi ba e nkele peeletso. |
|
| 4 |
|
| Ba thesela bafumanehi hore ba suthe tseleng, mafutsana wohle a phela ka ho ipata. |
|
| 5 |
|
| “Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng, mafutsana a tsohella mosebetsing, ho ya sela, lefeella ke lona le fepang bana ba wona. |
|
| 6 |
|
| A kotula dijo masimong a ba kgopo. A kgwahlapise morara rapeng tsa ba kgopo. |
|
| 7 |
|
| A robala a le feela ke ho hloka kaparo, rame se fella hodima wona ke ho hlobola. |
|
| 8 |
|
| Mafutsana a kolobiswa ke medupe ya thaba, a be a maname mafikeng ke ho hloka lephephe. |
|
| 9 |
|
| “Kgutsana e hlothwa letsweleng, tsweleng la mma yona, mofutsana o lefa molato ka lesea la hae. |
|
| 10 |
|
| Ba tsamaisa mafutsana a se na le nketlana, a thotha dihlopha tsa koro a ntsa lapile, |
|
| 11 |
|
| a tulela tholwana tsa mohlwaare matlapeng, a etsa ole, a tlhotla veine morareng a ntse a nyorilwe. |
|
| 12 |
|
| Medumaelo ya ba shwang e utlwahala hara motse, ba tswileng dikotsi ba llela hore ba thuswe, empa thapelo tsa bona Modimo ha a di natse. |
|
| 13 |
|
| “Ho na le ba bang ba hloileng lesedi, ba sa tsebeng tsela tsa lona le ho tsamaya ka tsona. |
|
| 14 |
|
| Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha, a bolaye mofumanehi, a bolaye le mofutsana; athe bosiu teng o fetoha leshodu hantle. |
|
| 15 |
|
| Sehlola se a lebella, se lebella hore shwalane e tshware, se re: Ha nka ke ka bonwa ke ope, ebe jwale se ikwahela sefahleho. |
|
| 16 |
|
| Bosiu mashodu a thuakanya matlo, motsheare teng ebe a a ipata; lesedi lona ha a kopane le lona. |
|
| 17 |
|
| Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle. |
|
| 18 |
|
| “Ba jwalo ba ka mahohodi a lwebang hodima metsi, masimo a bona a neilwe thohako, ha ho ya yang rapeng tsa bona tsa morara. |
|
| 19 |
|
| Jwalokaha komello le motjheso di qhibidisa lehlwa, lebitla le lona baetsadibe le a ba metsa. |
|
| 20 |
|
| Popelo e tla ba lebala, diboko di ba nyabele; ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa, bokgopo bo tla fela sa fate se robehile. |
|
| 21 |
|
| Mosadi wa nyopa ba a mo sotla, mohlolohadi yena ba mo hlokele mohau. |
|
| 22 |
|
| Ka matla a hae Modimo o lelefatsa bophelo, o lelefatsa bophelo ba bo-ramonatla, ba ka tsitsa, tshepa la ho phela lona ha le yo. |
|
| 23 |
|
| O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse. |
|
| 24 |
|
| Ba tuma ka nakwana, ba be ba nyamele, ba theolwe dikalaneng, ba timetswe jwaloka bohle, ba shwe sa diako tsa koro ha di kgaolwa. |
|
| 25 |
|
| “Haeba ho se jwalo, nka shanofatswa ke mang? Ke mang ya ka reng polelo tsa ka ke tsa bosawana?” |
|
|
|
|