BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Yaba Jobo o a araba, o re: |
| 2 |
| “Wa tla wa thusa motho a fokola! Wa tla pholosa letsoho le fokola! |
| 3 |
| O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang! |
| 4 |
| O rutilwe ke mang ho bua polelo tsee? Polelo tseo o di buang ke tsa mang? |
| 5 |
| “Ba ka mabitleng ba a thothomela, le tsohle tse tlasa metsi, tse phelang ho wona. |
| 6 |
| Nqalo ya Bafu e feela kapela Modimo, mohohlo wa timelo o ahlame, ha o a kwahelwa. |
| 7 |
| Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane. |
| 8 |
| O phuthetse metsi kahara maru a hae; ha ho leru le phatlolwang ke boima ba metsi! |
| 9 |
| Kgwedi ha e tolokile o a e fifatsa, ka maru a hae a e etsetse lesira. |
| 10 |
| O radile sedikadikwe, a se rala hodima lewatle, a etsa moedi ho arohanya lesedi le lefifi. |
| 11 |
| Tshiya tsa lehodimo le tsona di a reketla, di reketla ke ho tshoha kgalemelo ya hae. |
| 12 |
| Ka matla a hae lewatle a le tsosa maqhubu, ka bohlale ba hae a tamukanya Rahaba. |
| 13 |
| Ka moya wa hae a ntlafatsa mahodimo, ka tsoho la hae a hlaba noha e lelesela. |
| 14 |
| Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/job/026.mp3
42
26