×

BIBELE Bible 1989

Jobo 27

1
Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re:
2
“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;
3
ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo,
4
molomo wa ka o ke ke be wa bua bokgopo, leme la ka le ke ke be la bolela bohata.
5
Ha nka ke ka dumela hore le nepile, ke tla be ke yo shwa ke ntse ke itatola.
6
“Ho loka ha ka ke boshwa-bo-tshwerwe, ha ke ntse ke phela tswalo le ke ke la nkgwebetha.
7
“Dira tsa ka di ke di tshwane le ba kgopo, bantwantshi ba ke ba be jwaloka balotsana.
8
Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo?
9
Na Modimo a ka mamela, a mamela sello sa hae, ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?
10
Na yena o tla thabela Ya Matla wohle, a ipiletse ho Modimo ka nako tsohle?
11
“Ke tla le ruta seo matla Modimo a leng sona; merero ya Ya Matla wohle nke ke be ka e pata.
12
Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?
13
“Seo Modimo a se abetseng ya kgopo, lefa leo Ya Matla wohle a le abetseng ya sehloho, ke lena:
14
Leha a ka atelwa ke bana, ba tla shwa ka sabole, tloholo tsa hae di ke ke tsa anelwa ke dijo;
15
masalla a hae a tla shwa ke lefu la sewa, bahlolohadi ba hae ba ke ke ba mo llela.
16
Leha a ka bokella silefera e kaa ka lehlabathe, bongata ba aparo tsa hae ba ba kaa ka letsopa,
17
tsa etsa pokella, ya lokileng o tla di apara; ba se nang molato silefera ba e arolelane.
18
O hahile ntlo e fokola sa bolepo ba sekgo, e tshwana le lephephe la motshosi masimong.
19
O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere.
20
Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe.
21
Moya wa botjhabela o a mo nka, o ikele ka yena, o mo pheulele hole le lapa la hae;
22
o puputlele ho yena o se na mohau. e be lekgerakgara ha a leka ho o baleha.
23
Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha