|
| 1 |
|
| Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona. |
|
| 2 |
|
| A bua, a re: |
|
| 3 |
|
| “Tsatsi la tswalo ya ka le ke le timele, le bosiu boo ka bona ho neng ho thwe: Ho emotswe ngwana moshanyana! |
|
| 4 |
|
| Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi, Modimo ya hodimo a le lebale, sedi le se hlole le le tjhabela hape. |
|
| 5 |
|
| Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana, leru le aparele tsatsi leo, fifi le fifatse sedi la lona. |
|
| 6 |
|
| Bosiu boo bona bo fifalle ruri, bo se balellwe le matsatsi a selemo, bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi. |
|
| 7 |
|
| Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea, le mehoo ya thabo e se utlwahale. |
|
| 8 |
|
| Barohaki ba matsatsi ba ke ba bo rohake, bona ba tsebang le ho tshwenya kganyapa. |
|
| 9 |
|
| Naledi di se ke tsa phatsima, bo batle lesedi, bo se le fumane, bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba, |
|
| 10 |
|
| hobane ha bo a ka ba kwala mme popelo, ha bo a ka ba nthibela ho bona maswabi.” |
|
| 11 |
|
| “Ke hobaneng ke sa shwelang popelong? Ke hobaneng ke sa shwang ha ke tswalwa? |
|
| 12 |
|
| Ke hobaneng nkileng ka sikwa? Ke hobaneng ke antseng matswele? |
|
| 13 |
|
| Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse, ke ithobaletse, ke phomotse ka kgotso, |
|
| 14 |
|
| ke phomotse le dikgosi le matona a kwano, bao mehaho ya bona e leng mabitla, |
|
| 15 |
|
| le mahosana a kgabang ka kgauta, ao matlo a wona a tletseng silefera; |
|
| 16 |
|
| ke epetswe jwaloka sefolotsana, jwaloka lesea le eso bone lesedi. |
|
| 17 |
|
| Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa, ba kgaotsa ho ferekanya, ba kgathetseng, teng ba fumana phomolo. |
|
| 18 |
|
| Ba thopilweng le bona ba phela ka kgotso ha ba sa utlwa mokataki a kgarumaka. |
|
| 19 |
|
| Ba hlomphehang le ba eisehang ba a lekana, kgoba le holotswe kgobeng ba monga lona.” |
|
| 20 |
|
| “Ba ditlokotsing ba bontshetswang lesedi? Ba tubehileng moyeng ba neelwang bophelo? |
|
| 21 |
|
| Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele, ba le batla le ho feta letlotlo, patuwe. |
|
| 22 |
|
| Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng. |
|
| 23 |
|
| Ya fihlametsweng ke tsela o tswaletsweng, athe Modimo o mo raletse mathibela? |
|
| 24 |
|
| Bakeng sa ho ja ke tlelwa ke mefehelo, medumaelo ya ka e phutsalle sa diphororo! |
|
| 25 |
|
| Seo ke se tshabang se nkwetse hodimo, seo ke se tshohileng jwale se mphihletse. |
|
| 26 |
|
| Ke hloka kgotso, ke hloka le boikgutso; ke hloka phomolo, tsietsi di nkapere!” |
|
|
|
|