|
| 1 |
|
| “Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka. |
|
| 2 |
|
| Matla a bona a na sa nthuse ka letho, kaha bokwakwariri bo ne bo ba feletse. |
|
| 3 |
|
| Ke mekojwane ya bofuma le sekoboto, ba phela ka ho ja metsuntsunyane, bosiu ba lelera mahalaopeng. |
|
| 4 |
|
| Ba kga bodiladilane hara dihlahla, metso ya tshinabele ke dijo tsa bona. |
|
| 5 |
|
| Ba lelekwa hara batho ba bang, ba kueletswe jwalokaha eka ke mashodu. |
|
| 6 |
|
| Ba phela ka mangopeng a dikgohola, ka madumeleng le kahara mafika; |
|
| 7 |
|
| ba bokolla ba le kahara dihlahla, ba sunyame mmoho katlasa bobatsi. |
|
| 8 |
|
| Ke bana ba mawatla, bo-mohloka-lebitso, ba lelekilwe lefatsheng, hara batho. |
|
| 9 |
|
| “Jwale ke bona ba ntlakang ka pina, ke se ke fetohile sesomo ho bona. |
|
| 10 |
|
| Ba se ba nnyonya ba bile ba nkwekwetla, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe. |
|
| 11 |
|
| Kahoba Modimo a mphokodisitse, a ntshotlile, ha ba sa itshwara leha ba le pela ka. |
|
| 12 |
|
| Ka ho le letona ba mphutuhela ka sekgakgatha, ha ke baleha ba mpea merebele, ba haha metero ho nketsetsa thibella. |
|
| 13 |
|
| Ba tjhekile mamena tseleng ya ka, ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka, ba re: Ha a na mothusi! |
|
| 14 |
|
| Ba kena jwalokaha eka rako le wele, ba subuhlellana hara masupi! |
|
| 15 |
|
| Matshabeho wohle a nkwetse hodimo, a ntlositse seriti ka ho panya ha ntshi, maruo a ka a fedile sa mouwane. |
|
| 16 |
|
| “Moya wa ka o qhashoha kahare ho nna, matsatsi a ho hlokofatswa a mphihletse; |
|
| 17 |
|
| ke lala ke tjhobelwa ke masapo bosiu, bohloko bo nkokonang ha bo mphe sebaka. |
|
| 18 |
|
| Matla a bohloko ba ka a senya aparo tsa ka, a nkgama jwaloka molala wa hempe ya ka. |
|
| 19 |
|
| Modimo o nkakgetse kahara seretse, ke se ke tshwana le lerole le wona molora. |
|
| 20 |
|
| “Ke ipiletsa ho wena, Modimo, empa ha o nkarabe; ke ema kapela hao, empa o ntadima feela! |
|
| 21 |
|
| O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha. |
|
| 22 |
|
| O mphahamisetsa hodimo, moyeng, ka sefefo o nkakgoletse kwana le kwana. |
|
| 23 |
|
| Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang. |
|
| 24 |
|
| “Ha ke re ya shwang o otlolla letsoho la hae, ha a llela thuso tlokotsing ya hae? |
|
| 25 |
|
| Na ha ke a ka ka llela ba ditsietsing? Moya wa ka ha o a utlwela ba maswabing bohloko? |
|
| 26 |
|
| Ha ke ne ke lebeletse molemo, ka tlelwa ke bobe; ha ke ne ke lebeletse lesedi, ka tlelwa ke lefifi. |
|
| 27 |
|
| Mala a ka a a qhuqhuma, a hloka phomolo, matsatsi a ditlokotsi a tobane le nna. |
|
| 28 |
|
| Ke tsamaya ke nyahame pelo, ho se na lesedi; ke ema hara mokgopi ho ikopela thuso. |
|
| 29 |
|
| Ke se ke fetohile ngwanabo phokojwe, ke molekane wa madinyane a mpshe. |
|
| 30 |
|
| Tlalo la ka le letsho ke ho kgakgapheha, masapo a ka a a tjhesa ke ho opelwa. |
|
| 31 |
|
| Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla, melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.” |
|
|
|
|