×

BIBELE Bible 1989

Jobo 33

1
“Ka baka lena, ke a o rapela, Jobo: Ako mamele polelo ya ka, mantswe a ka wohle o a sekehele tsebe.
2
Mamela! Jwale ke lekgatheng la ho bua, mantswe a sa le lelemeng la ka.
3
Mantswe a ka ke a pelo e se nang mano, molomo wa ka o bua nnete eo ke e tsebang.
4
Nna ke entswe ke moya wa Modimo, mophefumoloho wa Ya Matla wohle o etsa hore ke phele.
5
“Haeba o ka kgona, ako nkarabe; rala mabaka a hao, ebe o nthula ka wona.
6
Kapela Modimo ke tshwana le wena, ke bopilwe ka letsopa jwaloka wena.
7
Lebaka la hore o ntshabe ha le yo, ho ba teng ha ka ho ke ke ha o imela.”
8
“Ruri o buile moo ke ntseng ke utlwa, modumo wa mantswe a hao ka o mamela:
9
Nna ke hlwekile, ha ke na sebe, ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,
10
empa jwale Modimo o mpea dibato, o ntadima ke le sera sa hae.
11
Maoto a ka o a tlamile ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola.
12
“Tabeng ena o fositse; ke o araba ka ho re: Modimo o moholo ho feta motho.
13
Ke ka baka lang ha o phea kgang le yena, o re polelo tsa hao ha a di arabe?
14
Modimo o bua ka mekgwa e le mengata, empa ha ho ya keng a hlokomele.
15
Torong le ponong tsa bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katetse, phateng tsa bona ba kgalehile,
16
Modimo o nyenyeletsa tsebeng tsa batho, a ba tshose ka keletso tsa hae,
17
hore tsela tse kgopo ba di kgelohe, boikakaso bo be hole le bona.
18
Modimo o phemisa motho ho theohela lebitleng, a mo phemise ho bolawa ka sabole.
19
O kgalemela motho ka ho mo robatsa phateng tsa lefu, a opise masapo a hae wohle ho se kgaotso;
20
jwale takatso ya dijo ebe e a fela, a nyonye le dimonate tseo a di ratang.
21
O ye a fetohe moketa, a motele dinama, e sale e le masatswane, palwadikgopo.
22
Moya wa hae o atamela lebitla, phelo ba hae bo atamele babolai.”
23
“Haeba lengeloi le leng la a sekete, le le hlakoreng la hae, e le mmoelanyi, le ruta motho seo e leng toka,
24
le tla mo hauhela, le bue, le re: Mo hauhele, a se theohele lebitleng, hobane ke se ke mo fumanetse se mo lopollang.
25
Nama ya hae e tla ntjhafala, e tshwane le ya lesea, a okolohe, a tshwane le mehleng ya botjha ba hae.
26
O tla rapela Modimo, yena a mo rekolohele, fahleho sa hae a tla se bone a nyakaletse, hobane Modimo o mmuseletsa ho loka ha hae.
27
O tla binela batho, ebe o re ho bona: Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.
28
O pholositse moya wa ka O se ye lebitleng, ke tla boela ke phele, ke nne ke bone lesedi.
29
“Tsena tsohle Modimo o di etsa ho motho, a ka di etsa habedi, a ka di etsa hararo,
30
hore a phemise motho ho theohela lebitleng, sedi la bophelo le tle le mmonese.
31
“Hlokomela, Jobo, o ke o mmamele; ako kgutse, mme nna ke tla bua.
32
Haeba o na le puo, ako nkarabe; bua, ke kgolwe hore ha o na molato.
33
Haeba o sa re letho, eka kgona o mmamele; ako kgutse, mme ke tla o ruta bohlale.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha