|
| 1 |
|
| Yaba Elehu o tswela pele, o re: |
|
| 2 |
|
| “Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele! |
|
| 3 |
|
| Tsebe e hlwaya mantswe ha a buuwa, jwalokaha dijo di latsuwa ke mahalapa. |
|
| 4 |
|
| A re ikgetheleng se lokileng ka borona, a re tsebeng ka borona se leng molemo. |
|
| 5 |
|
| “Jobo o re: Nna ha ke na molato, empa Modimo o nkamohile tokelo ya ka. |
|
| 6 |
|
| Le hoja ke nepile tjena ho thwe ke leshano, le hoja ke se na sebe, qeba la ka le hana ho fola. |
|
| 7 |
|
| “Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo? O momorotsa nyefolo jwalokaha metsi a nowa; |
|
| 8 |
|
| yena o tsamaya mokgatlong wa baetsadibe, ba kgopo o tsamaisana tsela le bona; |
|
| 9 |
|
| o re: Motho a ke ke a putswa ka letho, leha a leka ho kgahlisa Modimo. |
|
| 10 |
|
| “Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso. |
|
| 11 |
|
| O putsa motho ho ya ka mesebetsi ya hae, o putsa motho ho ya ka metsamao ya hae. |
|
| 12 |
|
| Ruri Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka. |
|
| 13 |
|
| O beilwe ho okamela lefatshe ke mang? Fatshe lohle lona le theilwe ke mang? |
|
| 14 |
|
| Haeba e ne le morero wa hae, a busetsa moya wa bophelo ho yena, |
|
| 15 |
|
| tsohle tse phelang di ne di tla timela, motho le yena, a kgutlele leroleng. |
|
| 16 |
|
| “Ha o le bohlale, ako mamele, polelo tsa ka o di sekehele tsebe! |
|
| 17 |
|
| Na ya hloileng toka, ho busa a ka ho tseba? Kapa o ahlola Ya Matla, Ya Lokileng? |
|
| 18 |
|
| Yena ya reng ho kgosi: O motho-dikobo, ho mahosana: Lona le balotsana! |
|
| 19 |
|
| Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae. |
|
| 20 |
|
| Ka ho panya ha ntshi ba shwa le hara bosiu, tjhaba se hlokolehe, bona ebe ba iketse; natla di nyamele di sa angwa ke letsoho la motho! |
|
| 21 |
|
| “Mahlo a hae a disitse metsamao ya batho, mehato yohle ya batho le yona o a e bona. |
|
| 22 |
|
| Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata. |
|
| 23 |
|
| Modimo ha a hloke ho balla batho dinako ho tla kahlolong, kapele ho yena. |
|
| 24 |
|
| O thuakanya bo-ramonatla ho se na nyewe, tulong tsa bona ebe o bea ba bang. |
|
| 25 |
|
| Ka baka leo, mesebetsi ya bona o a e tseba, ba phetholwa e le bosiu, ebe ba a phetshelwa. |
|
| 26 |
|
| Modimo o ba otlela bokgopo ba bona, o ba otlela pontsheng ya batho bohle, |
|
| 27 |
|
| hobane ba kgaoditse ho mo latela, ha ba a ka ba natsa tsela tsohle tsa hae. |
|
| 28 |
|
| Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa. |
|
| 29 |
|
| “Haeba a ikgutsetsa a ka nyatswa ke mang? Ha ipata sefahleho, teng a ka bonwa ke mang? O okametse batho le ditjhaba ka ho tshwana. |
|
| 30 |
|
| O thibela motho ya kgopo ho busa, a mo thibele ha a tjhehela setjhaba maraba. |
|
| 31 |
|
| “Haeba motho a ka re ho Modimo: Ke ipona molato, nke ke ka sitwa hape; |
|
| 32 |
|
| ako nthute tseo ke sa di tsebeng, haeba ke entse bokgopo nke ke ka pheta hape; |
|
| 33 |
|
| na o re Modimo a ye ka thato ya hao, athe wena o nyatsa diketso tsa hae? Boikgethelo ke ba hao, hase ba ka, kahoo wena bolela seo o se tsebang. |
|
| 34 |
|
| “Ba nang le kutlwisiso ba tla bolela, banna ba bohlale, ba nkutlwang, ba re: |
|
| 35 |
|
| Jobo o ipuela feela a se na tsebo, polelo tsa hae bohlale di a bo hloka. |
|
| 36 |
|
| Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile, hobane o araba sa batho ba kgopo. |
|
| 37 |
|
| Dibe tsa hae o di eketsa ka bofetohedi, o etsa nyediso moo re mo utlwang, ka polelo tse ngata o nyedisa Modimo.” |
|
|
|
|