×

BIBELE Bible 1989

Jobo 35

1
Elehu a bua hape, a re:
2
“Na o bona ho nepahetse ha o re: Nna ke lokile ho feta Modimo?
3
O re ho yena: Molemo ke ofe oo ke tla o bona? ke tla boellwa keng ka ho se etse sebe?
4
“Jwale nna polelo tsa hao ke tla di araba, le tsona tsa metswalle ya hao.
5
Lelalla mahodimong o ke o bone, tadima maru a o phahametseng.
6
Ha o etsa sebe Modimo o mo senyetsa eng? Ha o ngatafatsa tshito tsa hao, hoo hona ho mo etsetsa eng?
7
Haeba o lokile o mo nea eng? Kapa o amohela eng letsohong la hao?
8
Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.
9
“Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla.
10
Empa ha ho ya reng: Modimo, Mmopi wa ka, o kae, ya re kgothatsang ka difela bosiu,
11
ya re rutang ho fetisa phoofolo tsa naha, ya re hlalefisang ho fetisa nonyana tse fofang?
12
Leha ba ipiletsa, yena ha a arabe, ka baka la boikakaso ba ba etsang bokgopo.
13
Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa.
14
“A ka o mamela jwang, o re ha o mmone; o re nyewe ya hao e kapele ho yena, wena o so lebeletse yena feela?
15
O ithetsa ka ho re kgalefo ya hae ke mosesetso, esita le bokgopo Modimo ha a bo natse.
16
Ka baka lena, Jobo o bua feela, o pepeta haholo, feela a se na tsebo.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha