|
| 1 |
|
| Elehu a tswela pele, a re: |
|
| 2 |
|
| “Bea butle ho se hokae, nke ke o bontshe: Polelo tse emelang Modimo di sa le teng. |
|
| 3 |
|
| Tsebo ke tla e fuputsa hole le hohle, ha ke buella ho loka ha Mmopi wa ka. |
|
| 4 |
|
| Polelo tsa ka hase tsa bosawana; ya buang le wena ke monna wa mohlalefi. |
|
| 5 |
|
| “Modimo o matla, empa ha a nyedise batho; ha ho letho leo a sa le tsebeng. |
|
| 6 |
|
| A ke ke a tlohela moetsadibe a phela, empa mafutsana o a sebeletsa ka toka. |
|
| 7 |
|
| Ba lokileng ha a kgaotse ho ba hlokomela, o ba bea le dikgosi hodima diterone; o ba bea teng, a ba phahamise kamehla yohle. |
|
| 8 |
|
| Empa ha ba tlamilwe ka mahlaahlela, ba bofilwe ka kgwele tsa tlokotsi, |
|
| 9 |
|
| o ba supisa mesebetsi ya bona, dibe tse entsweng ka boikgantsho. |
|
| 10 |
|
| O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo. |
|
| 11 |
|
| Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa, ba tla qeta matsatsi a bona ka boiketlo, lemo tsa bona ba di qete ba atlehile. |
|
| 12 |
|
| Empa ha ba ithiba ditsebe, ba sa mamele, lefu la bona e tla ba la sabole, ba be ba shwe tsebo ba se na yona. |
|
| 13 |
|
| “Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso. |
|
| 14 |
|
| Ba shwa ba sa le batjha, ba shwe ba phela le bo-ramaotwana. |
|
| 15 |
|
| Ba ditlokotsing o ba pholosa ka ditlokotsi, a thibolle tsebe tsa bona ka matshwenyeho. |
|
| 16 |
|
| “Le wena a ka ba o ntshitse ditsietsing, a o isitse bakeng se sa patisanang, moo tafole ya hao e tla tlala mapetle! |
|
| 17 |
|
| Kahlolo ya ba kgopo e o wetse hodimo, kahlolo le toka di se di o maname. |
|
| 18 |
|
| Hlokomela, esere maruo a o hohela, o se ka dumela ha tjotjo e o kgelosa. |
|
| 19 |
|
| Ha o llela thuso, maruo a hao a ke ke a o tswela molemo, kapa matla a hao a o ntsha tsietsing tsa hao. |
|
| 20 |
|
| Se labalabele bosiu ba kahlolo ho fihla, ha tjhaba di timela dibakeng tsa tsona. |
|
| 21 |
|
| Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi. |
|
| 22 |
|
| “Modimo o phahametse bohle ka matla a hae; moruti ke ofe ya tshwanang le yena? |
|
| 23 |
|
| Tsela ya hae o e kgethetswe ke mang? Ke ofe ya ka reng ho yena: Mona jwale o fositse? |
|
| 24 |
|
| Hopola ho tlotlisa mesebetsi ya hae, mesebetsi eo batho ba e rokang ka difela. |
|
| 25 |
|
| Batho bohle ba bone mesebetsi eo, ba e boha ba le hole le yona. |
|
| 26 |
|
| Modimo o moholo ho feta kutlwisiso ya rona, palo ya lemo tsa hae ha re ka ke ra e fihlela. |
|
| 27 |
|
| “O monya marothodi a metsi, ka mouwane wa ona ebe o nesa pula. |
|
| 28 |
|
| Maru a pula a tlhotlela diphororo fatshe, mafafatsane e be ditlwebelele, e be ditlwebelele ho batho. |
|
| 29 |
|
| Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae? |
|
| 30 |
|
| Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma. |
|
| 31 |
|
| Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala. |
|
| 32 |
|
| O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng. |
|
| 33 |
|
| Letolo ke selelekela sa sefefo sa hae, ho tla ha sona le diphoofolo di a ho tseba.” |
|
|
|
|