|
| 1 |
|
| “Fefo sena se thefula methapo ya pelo ya ka, ere ha e thanya e be tlohe madulong. |
|
| 2 |
|
| Mamedisa ho thwathwaretsa ha ntswe la Modimo, o mamele modumo o tswang molomong wa hae. |
|
| 3 |
|
| O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe. |
|
| 4 |
|
| Lentswe le purumang le latela lehadima, Modimo o pokosela ka ntswe la bohosi ba hae; ha maru a thwathwaretsa lehadima ha a le thibele. |
|
| 5 |
|
| Ho pokosela ha ntswe la Modimo ho a makatsa; o etsa dikgolo tse fetang kutlwisiso ya rona. |
|
| 6 |
|
| Ho lehlwa o re: Kgethehela lefatshe! Ho lefafatsane: Fetoha ditlwebelele! |
|
| 7 |
|
| Mosebetsi wa motho ka mong o a o emisa, batho bohle ba tsebe mosebetsi wa hae. |
|
| 8 |
|
| Batana di hohobela dilaong tsa tsona, ebe ka mesimeng ya tsona di a ipothela. |
|
| 9 |
|
| Mamati a tjhankana ya sefefo a petlekilwe, meya e pepetlang e tlisa serame. |
|
| 10 |
|
| Ha Modimo a phefumoloha leqhwa le a bopeha, kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane. |
|
| 11 |
|
| Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa. |
|
| 12 |
|
| Maru a ntsa phethesela tseleng ya wona, a aparetse lefatshe kahohlehohle, a phetha taelo tseo Modimo a di entseng. |
|
| 13 |
|
| Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae. |
|
| 14 |
|
| “Oho, wena Jobo, ako mamele sena: Kgutsa, o ko nahane dimakatso tsa Modimo! |
|
| 15 |
|
| Na o tseba kamoo Modimo a laolang maru kateng, le kamoo a etsang hore hadima la hae le tsekeme? |
|
| 16 |
|
| Na o tseba kamoo maru a tsheheditsweng kateng, le dimakatso tsa eo tsebo ya hae e phethehileng? |
|
| 17 |
|
| Na o tseba hore aparo di futhumatsa jwang ha moya o hlaha borwa, naha e jele boya? |
|
| 18 |
|
| Na o ka mo thusa ho sarolla mahodimo, mahodimo a bothata ba seipone sa lethose? |
|
| 19 |
|
| “Re rute hore na re tle re reng ho yena; re sitwa ho rala nyewe hobane re lefifing. |
|
| 20 |
|
| Na a ka bolellwa hore ke rata ho bua le yena? Haeba motho a ka bua, ruri o tla timetswa! |
|
| 21 |
|
| “Ho jwalokaha moya o fefera maru, tsatsi le sala mmanameng le kganya, batho ba sitwa ho le tadima ke ho ba fahla; |
|
| 22 |
|
| le hlaha ka leboya e ka kgauta, tlotla ya Modimo e re kenyetse tshabo. |
|
| 23 |
|
| Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae. |
|
| 24 |
|
| Ka baka leo, batho bohle ba a mo tshaba, bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.” |
|
|
|
|