|
| 1 |
|
| Jwale Morena a araba a le kahara sefefo, a re ho Jobo: |
|
| 2 |
|
| “O mang wena, o fifatsang merero ya ka ka ho pepeta, empa o se na tsebo? |
|
| 3 |
|
| Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe. |
|
| 4 |
|
| “Ha ke rala metheo ya lefatshe o no le kae? Haeba o na le tsebo, ako bolele he! |
|
| 5 |
|
| Kaha o tsebanyane: Tekanyetso tsa lona di rerilwe ke mang? Thapo e methang bonamo e harolotswe ke mang? |
|
| 6 |
|
| Tshiya tsa metheo ya lona di epetswe kae? Lejwe la mantlha lona la bewa ke mang, |
|
| 7 |
|
| mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo? |
|
| 8 |
|
| “Mohla lewatle le phatlohang mohloding wa lona, menyako e ne tinketswe ke mang ho le thibela? |
|
| 9 |
|
| Ha ke ne ke le etsetsa kobo ya maru, ke le tlama mokgubu ka fifi la bo-nka-ntjana; |
|
| 10 |
|
| ha ke ne ke le sehela meedi ya lona, ke le tinkeletsa ka mamati le mekwallo, |
|
| 11 |
|
| ka na ka re: Maremelo a metsi a hao ke ana, maqhubu a hao a bilohang a tla fella mona! |
|
| 12 |
|
| “Haesale o tswalwa na o kila laolela meso dinako, wa laela mafube ho hlaha ka nako ya wona, |
|
| 13 |
|
| hore pheletso tsa lefatshe a di aparele, ba kgopo ba be ba phasaphase? |
|
| 14 |
|
| Jwalokaha mmopo wa tempe sa tiiso o sala letsopeng, sedi le bonahatsa bopeho tsa lefatshe hantle, le di bonahatse sa mokgabiso seaparong. |
|
| 15 |
|
| Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi, matla a bona a tla fediswa. |
|
| 16 |
|
| “Na mehloding ya lewatle o kila fihla? Kapa kgotjheletsane tsa madiba wa di tsamaya? |
|
| 17 |
|
| Na menyako ya ntlo ya lefu o kila e bona? Kapa wa bona menyako ya Nqalo ya Bafu? |
|
| 18 |
|
| Na bonamo ba lefatshe o a bo tseba? Haeba tsena tsohle o a di tseba, ako bolele! |
|
| 19 |
|
| “Tsela e yang habo lesedi ke efe? Lehae labo lefifi lona le hokae? |
|
| 20 |
|
| Na o ka di isa habo tsona? Na tsela tse yang teng o a di tseba? |
|
| 21 |
|
| O a di tseba, hoba o tswetswe pele ho tsona! Lemo tsa ho phela ha hao di ngata! |
|
| 22 |
|
| “Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako, |
|
| 23 |
|
| tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa? |
|
| 24 |
|
| Tsela e yang ntswanatsatsi yona e kae? E yang habo moya wa botjhabela yona e kae? |
|
| 25 |
|
| “Metsi a dikgohola a tjheketswe molapo ke mang, letolo le thwathwaretsang la rallwa tsela ke mang, |
|
| 26 |
|
| hore pula e nele nahathothe, lehwatateng leo ho seng baahi ho lona, |
|
| 27 |
|
| bataolo le dikaka di tle di nwesetswe, mobung ho fupuhe jwang bo botalana? |
|
| 28 |
|
| Ntata pula ekaba yena ke mang? Marothodi a phoka wona a tswetswe ke mang? |
|
| 29 |
|
| Ekaba leqhwa le tswa ho ya mang popelo? Rame sa lehodimo se lalang sona se tswetswe ke mang? |
|
| 30 |
|
| Metsi a a hwama, a be sengangata jwaloka lejwe, leqhwa le aparele madiba kahohle. |
|
| 31 |
|
| “Na o ka tlamahanya mahlaahlela a Selemela, kapa wa lokolla kgwele tsa Makolobe? |
|
| 32 |
|
| Na o ka hlahisa dinaledi ka dinako tsa tsona, wa tsamaisa Bere le naletsana tsa yona? |
|
| 33 |
|
| Melao e tsamaisang tsa lehodimo na o a e tseba? Na le moo lefatsheng o ka e sebedisa? |
|
| 34 |
|
| “Ka ntswe la hao, na maru o ka a laela hore a o apese ka pula ya ditlwebelele? |
|
| 35 |
|
| Na ke wena ya ka laelang lehadima ho thwakgatsa? Na le ye le tle ho wena, le re: Ke nna enwa? |
|
| 36 |
|
| Pelo ya motho bohlale e bo filwe ke mang? Mohopolo wona kutlwisiso wa e newa ke mang? |
|
| 37 |
|
| Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo, |
|
| 38 |
|
| ha role la lefatshe le fetoha sengangata, makwete a momana, a etsa diqitikwe? |
|
| 39 |
|
| “Na o ka tsomela tauhadi dinyamatsane, kapa tawana tsa yona wa di kgorisa ha di lapile, |
|
| 40 |
|
| di ntse di qatjhame dilaong tsa tsona, kapa di laletse kahara dihlahla? |
|
| 41 |
|
| Ke mang ya baballang lekgwaba ka dijo, ha madinyane a lona a ipiletsa ho Modimo, a lelera hohle ke ho hloka dijo? |
|
|
|
|