×

BIBELE Bible 1989

Jobo 39

1
“Na o tseba nako ya ho tswala ha podi ya naha? Na o kila bona kgama ha e phatla, e tswala?
2
Na o ko bale kgwedi tsa kemaro ya tsona? Kapa o tsebe tsatsi la ho tswala ha tsona?
3
Di botha fatshe, di tswale manamane a tsona, bohloko ba ho tswala ebe bo fedile.
4
Manamane a tsona a holela naheng, ha a sa shahlile ebe a lahla mohlape.
5
“Tonki e hlaha e neilwe bolokolohi ke mang? Meja e ne e kgatile e lokolotswe ke mang?
6
Ke e abetse lehwatata hore e phele ho lona, masabasaba a lenyekethe e be bodulo ba yona.
7
Lehesheheshe la metse e etsa metlae ka lona, mehoo ya moqhobi ha e fihle tsebeng tsa yona.
8
E alohela thabeng ho ya tsoma lekgulo, e nyakurele kahohle ho batla ho hotalana.
9
“Na nare e ka thapa, ya eba pelesa ya hao? Kapa ya robala e bothile pela sejelo sa hao?
10
Na o ka e pana mohomeng hore e o lemele? Makwete ya a phophotha e o setse morao?
11
Na o ka e tshepa ka baka la matla a yona? Wa e tshepela ho phetha mesebetsi ya hao e boima?
12
Na o ka e tshepela ho pola mabele a hao, le ho a thothela hae ha a le otlong sa hao?
13
“Mapheo a dimpshe a phuphusela ka thabo, empa e ke ke ya fofa jwaloka mokotatsie.
14
Mpshe e behela mahe a yona mobung, e a tlohelle teng ho alangwa ke lehlabathe.
15
Ha e elellwe hore leoto le ka a bjaratsa, kapa sebatana sa a hatakela hodimo.
16
E sotla madinyane a yona jwalokaha eka hase a yona, ha e tsotelle letho, leha eba e tswaletse lelea,
17
hobane yona Modimo o ila e tima bohlale, a se ka e tsipela le kelello ena e pala!
18
Empa ha e thathalatsa mapheo ho matha, e a keketeha ha e bona pere le mopalami!
19
“Na pere matla e a filwe ke wena, molala wa o kgabisa ka moetse o maebeebe?
20
Na o ka tseba ho e qotomisa sa tsie, wa e kgorohlisa ka dinko ho tshosa batho?
21
E tila fatshe ka kgohlong, e thabetse matla, e itukubetse kahara marumo sa motswelantweng
22
Pere e tsheha tshabo, ha ho letho le e tshosang; ha e ke e furalla ke ho tshaba sabole.
23
Kgopong tsa yona ho shohlomana kgohlopo, ho bile ho tsekema marumo le ditsenene!
24
E koma mobu ka bohale le ka mabifi, leha ho letswa lenaka ho tila ha e ho kgaotse.
25
Ha naka le lla e a howa, e re: Aha! E dupa monko wa ntwa e sa le hole! E dupe mehoo ya balaodi le mekgosi ya ntwa.
26
“Na ke ka bohlale ba hao phakwe e tsebang ho fofa, e thathalatsang mapheo, ebe e leba borwa?
27
Na ke ka taelo ya hao ntsu e tsebang ho fofa, e hahang hlaha sa yona hodimo tsullung?
28
E phela dilomong, bosiu e lala hona teng, qhobosheane ya yona e ka lefarung.
29
Diselo e di tsoma e dutse hona moo, mahlo a yona a di bona di le hole.
30
Madinyane a yona a phela ka ho nwa madi, kamehla yona e fumanwa hara dififi.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha