×

BIBELE Bible 1989

Jobo 40

1
Morena a boela a re ho Jobo:
2
“Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”
3
Yaba Jobo o araba Morena, o re:
4
“Bona, ha ke letho! Nka o araba jwang? Ka tsoho la ka ke thiba molomo wa ka.
5
Ke se nkile ka bua, nke ke ka hlola ke araba; ke ile ka bua habedi, nke ke ka bua ho feta moo.”
6
Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re:
7
“Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe.
8
“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?
9
Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae?
10
Ikgabise he ka tlotla le ka bokgosi, o ikapese ka hlompho le botlotlehi.
11
Filo la kgalefo ya hao o hlo le hlatse, ha o bona moikgohomosi o mo kokobetse;
12
ha o bona moikgohomosi o mo theole, o tlabikelle ba kgopo tulong tsa bona;
13
o ba epele leroleng ba le mmoho, topo tsa bona o di kwahelle ka lebitleng.
14
Jwale le nna ke tla o thoholetsa, ke re: Tsoho la hao le letona le ka o pholosa!
15
“Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo.
16
Ako bone matla a letheka la yona! Bona bothata ba ditshika tsa mohodu wa yona!
17
E peralatsa mohatla wa yona, e o peralatse jwaloka fate sa kedare, ditshika tsa rope tsa yona di teteane;
18
masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe.
19
Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona.
20
Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng.
21
E botha tlasa difate tsa leoka, e ipata mokgwabong hara lehlaka.
22
Leoka le e etseditse moriti, e etseditswe sakana-la-nkope, la e etsetswa ke meduwane, meduwane ya melatswana.
23
Ha e balehiswe ke ho tlala ha noka, ha e tshohe leha Jorodane e ka phuthumana, ya phuthumanela ka hanong la yona.
24
E ka tshwarwa ke mang e ntse e shebile, Ya kenngwa kgwathatha ka nkong ke mang?
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha