|
| 1 |
|
| “Na ka selope kganyapa o ka e tshwasa, kapa ka kgwele leleme la yona wa le tlama? |
|
| 2 |
|
| Na o ka e kenya kgwathatha ka nkong? Kapa mohlaare wa yona wa o hlaba ka moutlwa? |
|
| 3 |
|
| Na e tla rapela hore o e rekolohele, kapa e bue ka bonolo, e nne e o qekise? |
|
| 4 |
|
| Na e tla etsa tumellano le wena, hore e be kgoba la hao kamehla yohle? |
|
| 5 |
|
| O tla e bapadisa sa ha o bapadisa nonyana, kapa o e holehele bananyana ba hao? |
|
| 6 |
|
| Na bahwebi ba heno ba tla e tsekisana ka theko, kapa ba e arolele bareki? |
|
| 7 |
|
| Na ka dikwebe tlalo la yona o ka le phunya, kapa ka tsenene hlooho ya yona o ka e hlaba? |
|
| 8 |
|
| Ako e ame ka letsoho la hao! Ntwa e tla ba ya kgumamela; o ke ke be wa hlola o pheta hape! |
|
| 9 |
|
| “Tshepo ya ho e hlola ke lefeelafeelane, motho ha a e bona pelo ya hae e a nyahama. |
|
| 10 |
|
| Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo? |
|
| 11 |
|
| Ya ntsekisang molato ke ofe, ke tsebe ho mo lefela? Ditsohletsohle tlasa lehodimo ke tsa ka. |
|
| 12 |
|
| “Ha nka ke ka tlohela ho bua ka ditho tsa kganyapa, ka matla a yona le bopeho se kgahlehang sa yona. |
|
| 13 |
|
| Bokantle ba tlalo la yona bo ka ebolwa ke mang? Ya ka atamelang ke mang, a e kenya tomo hanong? |
|
| 14 |
|
| Ya ka itetang sefuba ho e ahlamisa mehlaare ke mang? Meno a yona a dikwetsepe a a tshabeha! |
|
| 15 |
|
| Mokokotlo wa yona o kwahetswe ke makgekgebu, makgekgebu a momahaneng eka a manamisitswe ka boka; |
|
| 16 |
|
| a momahane haholo, moya o ke ke wa tswa pakeng tsa wona. |
|
| 17 |
|
| A kopantswe hathatathata, a momahane hoo a ke keng a arohanngwa. |
|
| 18 |
|
| Ha e thimola, ka nkong tsa yona ho tswa lesedi; mahlo a yona eka mahlasedi ha mafube a hlaha. |
|
| 19 |
|
| Malakabe a tlola ka molomong wa yona, tlhase di betseha seka motjhotjhonono. |
|
| 20 |
|
| Mosi o foqoha ka nkong tsa yona, jwaloka mosi ha pitsa e mollong wa ditlhaka e bela. |
|
| 21 |
|
| Moya wa yona o butswela mashala a hlene, malakabe a tlole ka hanong la yona. |
|
| 22 |
|
| Molala wa kganyapa o shidikane, ba e bonang ba phakgasela ke tshabo. |
|
| 23 |
|
| Maphutha a tlalo la yona a momahane, a sataletse, a ke ke a sisinyeha. |
|
| 24 |
|
| Bothata ba pelo ya yona ekare ba lejwe, bothata ba yona bo tshwana le ba lwala la moralla. |
|
| 25 |
|
| Ha e soballa natla di a phakgasela, di suthe kapele ho yona ke tshabo. |
|
| 26 |
|
| Kahodima yona ho kuba sabole, ho kube lerumo, le motsu, le yona tsenene! |
|
| 27 |
|
| Ho yona tshepe e tshwana le setoroi feela, lethose le tshwana le patsi e bodile. |
|
| 28 |
|
| Ha e balehiswe ke metsu e betswa, majwe a letjeketjane a ka mmoko ho yona. |
|
| 29 |
|
| Ho yona koto e tshwana le setoroi feela, ho shohlomana ha marumo ho a e keketehisa. |
|
| 30 |
|
| Mpa e makgekgebu a thata sa mangetana, e siya mohlala jwaloka selei se hulwa seretseng. |
|
| 31 |
|
| E tsapodisa madiba jwaloka pitsa e bela, lewatle le bele sa pitsa e phehile mafura. |
|
| 32 |
|
| Tseleng e siya mophula wa metsi a benyang lekweba, o ka re moriri o moputswa o metse lewatleng. |
|
| 33 |
|
| Fatsheng lohle kganyapa ke torobela, ke bopuwa se sa bopellwang le tshabo. |
|
| 34 |
|
| Tsohle tse mabela e di shebela maotong, ke kgosi ya batana tsohle tse ikakasang.” |
|
|
|
|