|
| 1 |
|
| “Meketsa, Jobo! O a arabelwa ke mang? Hara mangeloi o tla ipiletsa ho mang? |
|
| 2 |
|
| Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona. |
|
| 3 |
|
| Ke bone thoto se mela, methapo ya sona e nama; ha ntshi e panya, leaho la sona la newa thohako. |
|
| 4 |
|
| Bana ba sona ha ba a sireletswa ke motho, ba robokellwa kgotla, ba hloka manamolela; |
|
| 5 |
|
| kotulo ya sona e jewa ke ya lapileng a ituletse, a e honyolle leha e le kahara meutlwa, batupi bona ba nyoretswe leruo la sona. |
|
| 6 |
|
| Lerole hase lona mohlodi wa ditlokotsi, tsietsi ha di ke di ropoha di hlaha fatshe; |
|
| 7 |
|
| motho ditsietsi o tswalwa a di apere, seka tetema e qhomisetsa ditlhase hodimo.” |
|
| 8 |
|
| “Hoja ke wena nka be ke ipiletsa ho Modimo, kapele ho Modimo ke ipeha ka taba ya ka; |
|
| 9 |
|
| yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane. |
|
| 10 |
|
| Lefatshe o le nesetsa pula, pula ya ditlwebelele, metsi a phutsalle, a tlale dithota kahohle; |
|
| 11 |
|
| ba eisehang a ba hlwesetse hodima ditlhoro, ba bofifing bona a ba tshedise. |
|
| 12 |
|
| O nyopisa merero, bo-ramasene ba e rerile, ba be ba hloke katleho; |
|
| 13 |
|
| ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela. |
|
| 14 |
|
| Ba aparelwa ke lefifi tsatsi le ba tjhabetse, ere tadi e anyesa ba phothasele seka bosiu. |
|
| 15 |
|
| Modimo o namolela mafutsana puong tse hlabang, a a lopolle matsohong a ba dikgoka; |
|
| 16 |
|
| kahoo mafutsana a ruile letshepa, molomo wa bokgopo o a kwaleha, o didimale.” |
|
| 17 |
|
| “Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema. |
|
| 18 |
|
| Modimo o a hlatha, a be a tlame leqeba; tsoho la hae le a otla, le bile le a fodisa; |
|
| 19 |
|
| o tla o phemisa diwa di o hlwele hodimo, ka makgetlokgetlo bobe bo ke ke ba o ama. |
|
| 20 |
|
| Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale. |
|
| 21 |
|
| O tla sireletswa puong tsa monyefodi, timelo o ke ke wa e tshaba ha e fihlile; |
|
| 22 |
|
| o tla tsheha timelo le sekoboto, batana tsa fatshe lena o ke ke be wa di tshaba. |
|
| 23 |
|
| Majwe a ke ke a o sitisa ho lema masimo, batana tsa naha di tla phela ka kgotso le wena. |
|
| 24 |
|
| O tla bona lapa la hao le phela ka kgotso, o fumane tsohle tsa hao di ntse di feletse. |
|
| 25 |
|
| Bana ba hao o tla bona ba ngatafala, tloholo tsa hao di ata seka jwang naheng. |
|
| 26 |
|
| O tla ya lebitleng lemo tsa hao di ngatafetse, jwaloka koro e yang seotlong e se butswitse. |
|
| 27 |
|
| “Tsena di fupuditswe, ho fela ho dutse jwalo; di utlwe, o di tsebe, o di fole molemo.” |
|
|
|
|