|
| 1 |
|
| Empa Jobo a araba, a re: |
|
| 2 |
|
| “Ao! hoja ho komakoma ha ka ho ka lekanngwa, tsietsi tsa ka tsa bewa sekaleng, |
|
| 3 |
|
| di ne di tla feta hlabathe la lewatle ka boima; ke ka hona ke ileng ka phatloha feela. |
|
| 4 |
|
| Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko! |
|
| 5 |
|
| Na tonki e ka lla kgulo le le lengata? kapa pholo ya bohla e ntse e fula? |
|
| 6 |
|
| Dijo tse bosula di ka jewa ho se letswai? Na mothwebe o mosweu wona o a latsweha? |
|
| 7 |
|
| Dijo tse jwalo ha ke di lakatse, di tshwana le tse nqhuqhumisang mala! |
|
| 8 |
|
| “Hoja kopo ya ka e ne ka ananelwa, Modimo a nnea seo ke se labalabelang; |
|
| 9 |
|
| Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa. |
|
| 10 |
|
| Ke ne ke tla thaba, ke tshedisehe, ke tsebe ho mamella ditlokotsi tsa ka, hoba polelo tsa Ya Halalelang ha ke a di hanyetsa. |
|
| 11 |
|
| “Ke sa na le matla afe, a ho nnea letshepa? Ke tla fella kae, ha ke qenehetse ho phela? |
|
| 12 |
|
| Na mmele wa ka o thata jwaloka lejwe? Kapa nama ya ka e entswe ka lethose? |
|
| 13 |
|
| Matla o ho ithusa a mpheletse, sehlaha sa bohlale se setse feela.” |
|
| 14 |
|
| “Ya nyahameng pelo eka kgona a hauhelwe, ke metswalle, leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle. |
|
| 15 |
|
| Bana beso ha ba tshepahale sa melatswana, ba ka melatswana e tlala, e ba e feta, |
|
| 16 |
|
| e ba maduke ke qhoqhwaane ho qhibidiha, e patehe ke lehlwa ho kgetheha. |
|
| 17 |
|
| Ha motjheso o fihla e a nyamela, ha tsatsi le ema a pshele ruri. |
|
| 18 |
|
| Baeti ba kgeloha tsela, ba batla metsi, ba ye lehwatateng, ba be ba timele. |
|
| 19 |
|
| Baeti ba tswang Tema ba batla metsi, bahwebi ba Sheba ba batla ka letshepa; |
|
| 20 |
|
| ba tsielehile, leha ba ne ba tshepile, ba fihlile teng, jwale ba swabile. |
|
| 21 |
|
| Ho nna, le lona le ka melatswana eo: Le a bona ke wele ka phatla, lona le a ntshabella! |
|
| 22 |
|
| Na nkile ka re: Mpheng hona le hane? Kapa Ntefelleng ka maruo a lona? |
|
| 23 |
|
| Kapa: Nnamoleleng matsohong a dira tsa ka? Mpholoseng ho ba matla ho mpheta? |
|
| 24 |
|
| “Nthuteng, ke tla mamela ke didimetse, le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae. |
|
| 25 |
|
| Mantswe a nnete a matla hakaakang! Polelo tsa lona ekaba di supa eng? |
|
| 26 |
|
| Ebe le rerile ho nyatsa polelo tsa ka, le re tsa ya tsherehaneng di ya le moya feela? |
|
| 27 |
|
| Le kgutsanyana kgudu! le ka e rekisa, la tjhekela motswalle wa lona lemena. |
|
| 28 |
|
| “Jwale dumelang, le ntadime sefahlamahlo: Taba di mahlong, shano la ka le tla itshupa. |
|
| 29 |
|
| Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa. |
|
| 30 |
|
| Ebe phoso e tswile lelemeng la ka? Na nka sitwa ho kgetha tse molemo ho tse kgopo? |
|
|
|
|