|
| 1 |
|
| “Bophelo ba motho mona lefatsheng ke ntwa, matsatsi a hae ekare a mohiruwa, |
|
| 2 |
|
| a mohlanka ya labalabelang moriti, a mohiruwa ya lebeletseng moputso; |
|
| 3 |
|
| nna lefa la ka ke kgwedi tsa ho sebeletsa lelea, ke abetswe masiu a mokgathala. |
|
| 4 |
|
| Kamehla ha ke robala ke a ipotsa: Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe? Empa siu bo bolelele, bo a tosa, ke hlobaela jwalo ho fihlela mafube a hlaha. |
|
| 5 |
|
| Diboko le kgoho tsa mobu di nkgometse, tlalo la ka le dipekane, le petla boladu. |
|
| 6 |
|
| Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla. |
|
| 7 |
|
| “Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape. |
|
| 8 |
|
| Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo! |
|
| 9 |
|
| Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha; |
|
| 10 |
|
| ha a ke ke a kgutla, a kgutlela lapeng la hae, tulo tsa hae di sala di le feela, a ke ke a hlola a dula tulong tsa hae. |
|
| 11 |
|
| Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile. |
|
| 12 |
|
| “Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa? |
|
| 13 |
|
| Ha ke re: Phate tsa ka ke tsona tse tla ntshedisa, moalo wa ka o nthethefatse ho komakoma, |
|
| 14 |
|
| wena Modimo, o ntshosa ka ditoro, ka dipono o mpakela ho thothomela; |
|
| 15 |
|
| kahoo ke ikgethela lefu la ho kgangwa, ho ena le ho phela ke le masatswane. |
|
| 16 |
|
| Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane! |
|
| 17 |
|
| “Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale? |
|
| 18 |
|
| Kamehla hoseng o a mo hlahloba, kamehla motsotso ha o fete o sa mo leke. |
|
| 19 |
|
| O tla kgaotsa neng ho ntjamela, o ko mphe tshweya, ke metse mathe? |
|
| 20 |
|
| Haeba ke sitilwe, ke o sinyeditseng? Wena Molebedi wa batho? Ke ka dife o nkentseng pakane ya hao, hoo le nna ke seng ke bile ke itenne? |
|
| 21 |
|
| Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.” |
|
|
|
|