|
| 1 |
|
| Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re: |
|
| 2 |
|
| “O tla bua ntho tsee ho fihlela neng? Polelo tsa hao di ka moya wa sefefo! |
|
| 3 |
|
| Na Modimo a ka sokamisa kahlolo, Ya Matla wohle a sokamisa ho loka? |
|
| 4 |
|
| Haeba bara ba hao ba mo sitetswe, o ba otlile ho ya ka ho sitwa ha bona. |
|
| 5 |
|
| Haeba o ka fela wa batla Modimo, wa ithapella ho Ya Matla wohle; |
|
| 6 |
|
| haeba o hlwekile, mme o lokile, ruri le yena o tla o hlokomela, lapa la hao a le tsose e le sesupo sa ho loka ha hao. |
|
| 7 |
|
| Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.” |
|
| 8 |
|
| “Ako fuputse ho meloko ya pele, o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona. |
|
| 9 |
|
| Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola. |
|
| 10 |
|
| Ba tla o jwetsa, ba o rupele, ba o kgokgothele bohlale ba bona. |
|
| 11 |
|
| “Na lodi le ka mela ho se na mokgwabo, lehlaka la ata ho se na mohlaka? |
|
| 12 |
|
| Ha le sa helwe le sa le letalana, le pona pele jwang bo omella. |
|
| 13 |
|
| Tsela tsa bohle ba lebalang Modimo di jwalo, letshepa la ya kgopo le fela jwalo; |
|
| 14 |
|
| tshepo ya hae e a thekesela, letshepa la hae le ka bolepo ba sekgo; |
|
| 15 |
|
| o itshetleha ka bona, bo hana ho tsitsa, o itshwarella ka bona, ha bo tshwarehe. |
|
| 16 |
|
| O ka fate se tlokomang ha tsatsi le tjhabile, seo makala a sona a thathallang le tshimo yohle. |
|
| 17 |
|
| Metso ya sona e rarahana hara qubu ya majwe, e itshwarella hodima matlapa. |
|
| 18 |
|
| Ha se fotholwa bakeng seo, baka seo se tla latola, se re: Nna ha ke o tsebe! |
|
| 19 |
|
| Bophelo ba sona bo fela jwalo, mela tse ding di mela hape mobung oo. |
|
| 20 |
|
| “Modimo a ke ke a lahla ya se nang molato, kapa a thusa ba etsang bokgopo; |
|
| 21 |
|
| o tla boela a etsa hore o tshehe, molomo wa hao o howe ka thabo. |
|
| 22 |
|
| Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, malapa a ba kgopo a nyamelle ruri.” |
|
|
|
|