BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi; |
| 2 |
| a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu. |
| 3 |
| Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang. |
| 4 |
| Ba kgopo bona ha ba jwalo; empa ba jwaloka mmoko o fefolwang ke moya. |
| 5 |
| Kahoo ba kgopo ba ke ke ba phema kahlolo, baetsadibe ba ke ke ba balellwa le ba lokileng; |
| 6 |
| hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/001.mp3
150
1