|
| 1 |
|
| Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho? |
|
| 2 |
|
| Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng. |
|
| 3 |
|
| Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa. |
|
| 4 |
|
| Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang. |
|
| 5 |
|
| Kamehla o atleha mererong ya hae, dikahlolo tsa hao di mo phahametse, dira tsa hae tsohle o di tadima maotong. |
|
| 6 |
|
| Ka pelong ya hae o re: “Nke ke ka sisinngwa ke letho, nke ke ka hlahelwa ke bobe le ka mohla.” |
|
| 7 |
|
| Molomong wa hae ho tswa ditlhapa, le mashano le bomenemene, lelemeng la hae ho maname bolotsana, ho maname le bona bokgopo. |
|
| 8 |
|
| O dula a laletse pela metsana, o bolaya ba se nang molato, o ba bolaya a ipatile. Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng, |
|
| 9 |
|
| o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae. |
|
| 10 |
|
| O a qatjhama, a batalle; ya tsielehileng a wele marong a hae. |
|
| 11 |
|
| Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.” |
|
| 12 |
|
| Thusa, Morena! Oho, Modimo, itokisetse ho otla; o se ke wa lebala bahlophehi. |
|
| 13 |
|
| Ya kgopo o nyedisetsang Modimo, ka pelong ya hae a re: “A ke ke a phetetsa?” |
|
| 14 |
|
| Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana. |
|
| 15 |
|
| Robokela ya kgopo le e mobe, o phetetse bokgopo ba hae bo fele tu! |
|
| 16 |
|
| Morena ke kgosi kamehla le mehla, baditjhaba ba fedile naheng ya hae. |
|
| 17 |
|
| Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe, |
|
| 18 |
|
| ho ahlolela kgutsana le ya hatellwang, hore motho wa lefatshe a se hlole a tshosa ba bang. |
|
|
|
|