BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya teboho. Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, |
| 2 |
| sebeletsang Morena ka thabo, tloong kapele ho yena ka ditlatse. |
| 3 |
| Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae. |
| 4 |
| Kenang dikgorong tsa hae le ntse le mmoka, le mabaleng a hae le ntse le mo rorisa; mo leboheng, le boke lebitso la hae. |
| 5 |
| Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle, botshepehi ba hae ke bo isang melokong yohle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/100.mp3
150
100