BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Ke tla o binela tsa mohau le tsa toka, ke o roke, wena Morena. |
| 2 |
| Ke tla tsamaya ka hloko tseleng e lokileng; ekaba o tla tla neng ho nna? Ka tlung ya ka ke tla phela ka pelo e hlwekileng, |
| 3 |
| nke ke ka dumella mahlo a ka ho sheba letho le kgopo. Ke hloile diketso tsa ba kgelohileng, di ke ke tsa nkgomarela. |
| 4 |
| Nke ke ka ba le bokgopo, ka le bona ka pelong ya ka, ha ke rate ho tseba letho le lebe. |
| 5 |
| Ya etseletsang wa habo sephiring ke tla mo timetsa, nke ke ka mamella moikgantshi le moikgohomosi. |
| 6 |
| Mahlo a ka a shebile ba tshepahalang, ba tshepahalang, ba lefatshe lena, ba tle ba ahisane le nna; ya tsamayang ka tsela e lokileng ke yena ya tla ntshebeletsa. |
| 7 |
| Ya sebetsang bolotsana a ke ke a phela tlung ya ka; ya bolelang leshano a ke ke a ema kapele ho nna. |
| 8 |
| Hoseng ho hong le ho hong ke tla timetsa bohle ba kgopo, ba kgopo ba lefatshe lena, ke fedise bohle ba etsang tse mpe, ba di etsang motseng wa Morena. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/101.mp3
150
101