|
| 1 |
|
| Pesalema ya Davida. Boka Morena, wena moya wa ka; botho bohle ba ka bo boke bitso la hae le halalelang. |
|
| 2 |
|
| Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae. |
|
| 3 |
|
| Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela. |
|
| 4 |
|
| Ke yena ya o lopollang lebitleng, ke yena ya o qhakang ka mohau, ya o qhakang le ka lerato. |
|
| 5 |
|
| Ke yena ya o fepang tse molemo bophelong bohle ba hao, hore o boele o ntjhafale, o ntjhafale jwaloka ntsu. |
|
| 6 |
|
| Morena o sebetsa ka ho loka, o ahlolela bohle ba hateletsweng. |
|
| 7 |
|
| O ne a tsebise Moshe ditsela tsa hae, a bontsha bana ba Iseraele diketso tsa hae tse kgolo. |
|
| 8 |
|
| Morena o na le kutlwelobohloko, Morena o mosa; o dieha ho halefa, o tletse mohau. |
|
| 9 |
|
| Ha a re tsekise hoyahoile; ha a re jare ka pelo kamehla yohle. |
|
| 10 |
|
| Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona. |
|
| 11 |
|
| Jwalokaha mahodimo a phahametse lefatshe, le mohau wa Modimo o moholo, o moholo hakaalo ho ba mo tshabang. |
|
| 12 |
|
| Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, le ditlolo tsa rona o a di suthisa, o di suthisetsa hole le yena hakaalo. |
|
| 13 |
|
| Jwalokaha ntata bana a ba utlwela bohloko, ka mokgwa o jwalo le Morena o utlwela ba mo tshabang bohloko. |
|
| 14 |
|
| Ke hobane yena o tseba seo re bopilweng ka sona, ha a lebale hore re lerole feela. |
|
| 15 |
|
| Ditshiu tsa motho di tshwana le tsa jwang; o tlokoma jwaloka palesa ya naha; |
|
| 16 |
|
| ha moya o foka hodima yona e a fela, ebe ditulo tsa yona di sala di le feela. |
|
| 17 |
|
| Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona, |
|
| 18 |
|
| ho ba bolokang selekane sa hae, ba hopolang ho phethahatsa ditaelo tsa hae. |
|
| 19 |
|
| Morena o beile terone ya hae, o e beile mahodimong, tsohle di tlasa puso ya hae. |
|
| 20 |
|
| Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang. |
|
| 21 |
|
| Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae. |
|
| 22 |
|
| Bokang Morena, lona mesebetsi ya hae yohle, hohle moo a busang teng. Boka Morena, wena moya wa ka. |
|
|
|
|