|
| 1 |
|
| Boka Morena, wena moya wa ka. Morena Modimo wa ka, o moholo hakaakang! O apere tlotla le botlotlehi, |
|
| 2 |
|
| o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente, |
|
| 3 |
|
| o hahile ntlo ya bokgosi ba hao kahodimo ho maru. Maru o a entse kariki ya hao, o fofa ka mapheo a moya. |
|
| 4 |
|
| Meya o e entse baromuwa ba hao, mollo wa lehadima mosebeletsi wa hao. |
|
| 5 |
|
| O tiisitse lefatshe hodima metheo ya lona, le ke ke la sisinyeha ho isa kgale. |
|
| 6 |
|
| O le apesitse ka lewatle jwalokaha eka ke ka kobo, metsi a ne a kwahetse dithaba. |
|
| 7 |
|
| Yare ha o kgaruma, metsi a baleha; ha letolo la hao le thwathwaretsa, a tutumolotseha; |
|
| 8 |
|
| a theohela dikgohlong, dithaba tsa hlaha, a ya moo o a lokiseditseng teng. |
|
| 9 |
|
| Wa a sehela moedi oo a ke keng a o tlola, hore a se hlole a kwahela lefatshe hape. |
|
| 10 |
|
| Wa phallisetsa didiba dinokaneng tse tswedipanang hara dithaba; |
|
| 11 |
|
| metsi a tsona a nowa ke phoofolo tsa naha, tonki tsa naha di itlosa lenyora teng. |
|
| 12 |
|
| Nonyana tse fofang di hahetse pela tsona, di letsa melodi di le makaleng a difate. |
|
| 13 |
|
| O nesetsa dithaba pula o le tlung ya bokgosi ba hao, lefatshe le kgotshe ditholwana, tholwana tsa mesebetsi ya hao. |
|
| 14 |
|
| O medisetsa diphoofolo jwang, o di medisetsa le dimela hore di sebediswe ke motho, a tle a fumane dijo tsa hae mobung, |
|
| 15 |
|
| le veine, ho thabisa pelo ya motho; le ole, fahleho sa hae se be moropotsana, le dijo, ho matlafatsa mmele wa hae. |
|
| 16 |
|
| Difate tsa Morena di nwesetswa ke pula, dikedare tsa Lebanone tse lemilweng ke yena. |
|
| 17 |
|
| Dinonyana di etsa dihlaha ho tsona, mekotatsie e phela hodima difate. |
|
| 18 |
|
| Thabeng tse telele ho phela podi tsa naha, diqhobo ke setshabelo sa dipela. |
|
| 19 |
|
| O entse kgwedi ho tshwaya dinako tsa selemo, letsatsi le tseba nako ya lona nako ya ho dikela. |
|
| 20 |
|
| O tlisa lefifi, ebe e ba bosiu, dibatana tsa meru ebe di a solla; |
|
| 21 |
|
| ditawana di purumele diphofu tsa tsona, di batle dijo tsa tsona ho Modimo. |
|
| 22 |
|
| Ha tsatsi le tjhaba di a oroha, ebe di botha dilaong tsa tsona. |
|
| 23 |
|
| Motho yena o ikela mosebetsing wa hae, a yo sebetsa ho fihlela mantsiboya. |
|
| 24 |
|
| Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao! |
|
| 25 |
|
| Ke leo lewatle, le leholo, le batsi; ka ho lona ho nyeunya dibopuwa, dibopuwa tse se nang palo, dibopuwa tse kgolo le tse nyenyane. |
|
| 26 |
|
| Teng dikepe di sesa kahohle, le leruarua leo o le bopetseng ho bapalla ka ho lona. |
|
| 27 |
|
| Tsohle di lebeletse wena, hore o di fe dijo ka nako e lokelang. |
|
| 28 |
|
| Ha o di fa dijo, di a di bokella; ha o fuparolla seatla, di kgora tse molemo. |
|
| 29 |
|
| Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng. |
|
| 30 |
|
| Ha o romela moya wa hao, di a hloleha, mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe. |
|
| 31 |
|
| Tlotla ya Morena e nne e be teng, e be teng kamehla yohle, Morena a ke a thabele mesebetsi ya hae; |
|
| 32 |
|
| yena eo ereng ha a tadima lefatshe, lefatshe le thothomele, ha a ama dithaba di foqohe mosi. |
|
| 33 |
|
| Ke tla binela Morena ha ke ntse ke phela, ke roke Modimo bophelong ba ka bohle. |
|
| 34 |
|
| Menahano ya ka e ke e mo kgahle; nna ke thabela Morena. |
|
| 35 |
|
| Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng, ba kgopo ba se hlole ba eba teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Haleluja! |
|
|
|
|