|
| 1 |
|
| Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. |
|
| 2 |
|
| Ba ke ba rialo bao Morena a ba lopolotseng, a ba namolela matsohong a mohatelli; |
|
| 3 |
|
| a ba phutha, a ba ntsha dinaheng tsa botjhabela le bophirimela, tsa borwa le leboya. |
|
| 4 |
|
| Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona, |
|
| 5 |
|
| ba lapile, ba nyorilwe, ba le lekgatheng la ho idibana. |
|
| 6 |
|
| Matshwenyehong a bona ba ipiletsa ho Morena, mme a ba lopolla tsietsing ya bona. |
|
| 7 |
|
| A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng, a ba isa motseng oo ba ka ahang ho wona. |
|
| 8 |
|
| Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. |
|
| 9 |
|
| O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo. |
|
| 10 |
|
| Ba bang ba ne ba phela lefifing le letsholetsho, ba tlamilwe ke ditlhopheho le ke wona mahlaahlela, |
|
| 11 |
|
| hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo, ba kgesitse keletso ya Ya Hodimodimo. |
|
| 12 |
|
| A ba kokobetsa ka mesebetsi e boima, ba kgothometseha, ho se ya ka ba thusang. |
|
| 13 |
|
| Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona. |
|
| 14 |
|
| A ba ntsha lefifing, le bodutung, a kgaola ditlamo tsa bona. |
|
| 15 |
|
| Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. |
|
| 16 |
|
| O ile a pshatla mamati a koporo, a robaka mekwallo ya tshepe. |
|
| 17 |
|
| Ba bang ba thotofatswa ke metsamao ya bona e kgopo, ba hlokofatswa ka baka la melato ya bona, |
|
| 18 |
|
| ba tenwa ke dijo tsohle; ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu. |
|
| 19 |
|
| Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona. |
|
| 20 |
|
| A laela, mme ba fola, a ba phemisa lebitla. |
|
| 21 |
|
| Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. |
|
| 22 |
|
| Ba nyehele ka mahlabelo a teboho, ba tumise mesebetsi ya hae, ba e tumise ka mehoo ya thabo. |
|
| 23 |
|
| Ba bang ba tsamaya lewatleng ka dikepe, ba hweba ka ho haola mawatle. |
|
| 24 |
|
| Le bona ba bone mesebetsi ya Morena, le dimakatso tsa hae madibeng. |
|
| 25 |
|
| A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle; |
|
| 26 |
|
| ba betsetswa hodimodimo, ba theolelwa tlasetlase, ba nyekelwa ke dipelo. |
|
| 27 |
|
| Ba tshwarwa ke modikwadikwane, ba thekesela jwaloka matahwa, ba timellwa ke bohlale bohle. |
|
| 28 |
|
| Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba ntsha tsietsing ya bona. |
|
| 29 |
|
| A kgutsisa sefefo, mme maqhubu a kgaotsa ho befa. |
|
| 30 |
|
| Ba thaba hobane ho kgutsitse; a ba sesisetsa koung eo ba neng ba leba ho yona. |
|
| 31 |
|
| Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. |
|
| 32 |
|
| Ba mo tlotlise phuthehong ya setjhaba, ba mo rorise mokgatlong wa ba baholo. |
|
| 33 |
|
| O ne a fetole dinoka lehwatata, le didiba a di fetola baka tse omeletseng. |
|
| 34 |
|
| Mobu o nonneng a o fetola lenyekethe, ka baka la bokgopo ba baahi ba teng. |
|
| 35 |
|
| Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba. |
|
| 36 |
|
| Ba lapileng a ba ahisa ho yona, ba thea motse oo ba ka ahang ho wona. |
|
| 37 |
|
| Ba jala masimong, ba lema morara, kotulo ya eba kgolo. |
|
| 38 |
|
| A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo. |
|
| 39 |
|
| Empa jwale ba qepha, ba kokobetswa, ka baka la ho imelwa ke ditsietsi le mahlomola. |
|
| 40 |
|
| A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela. |
|
| 41 |
|
| Empa a ntsha mafutsana bohlophehing ba wona, a atisa malapa a wona jwaloka mohlape. |
|
| 42 |
|
| Ba pelo di ntle ba bona hoo, mme ba thaba, empa ba kgopo bona ba thijwa melomo. |
|
| 43 |
|
| Mang le mang ya bohlale a ke a ele tsena hloko, a ke a utlwisise ketso tsa mohau, mohau wa Morena. |
|
|
|
|