BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Sefela. |
| 2 |
| Pelo ya ka e matlafetse, Modimo; ke tla bina, ke o roke. |
| 3 |
| Tsoha moya wa ka, tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe. |
| 4 |
| Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe; |
| 5 |
| hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung. |
| 6 |
| Modimo, ako bontshe hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. |
| 7 |
| Re pholose ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. |
| 8 |
| Modimo o buile a le sehalalelong sa hae, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto. |
| 9 |
| Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka; Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso. |
| 10 |
| Moabe ke lefiso leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo ke tla e hatakela ka seeta; Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse, ke etse ditlatse tsa tlholo.” |
| 11 |
| Ke mang ya tla nkisa motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo, |
| 12 |
| ha e le moo wena Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona? |
| 13 |
| Ako re thuse direng tsa rona; hobane thuso ya motho ke lefeela. |
| 14 |
| Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/108.mp3
150
108