|
| 1 |
|
| Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Modimo, wena eo ke o rorisang, o se ke wa kgutsa, |
|
| 2 |
|
| hobane ba kgopo le ba leshano ba ahlamisitse melomo ho ntwantsha. Ba bua le nna ka maleme a thetsang, |
|
| 3 |
|
| ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo, ba mphutuhela ntle ho lebaka. |
|
| 4 |
|
| Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella. |
|
| 5 |
|
| Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, le lehloyo bakeng sa lerato. |
|
| 6 |
|
| Ako bee ya kgopo ho ahlola motho eo, moqosi wa hae a nne a eme ka hlakoreng la hae le letona. |
|
| 7 |
|
| Ha a ahlolwa a ke a fumanwe a le molato, thapedi ya hae e nkuwe e le sebe. |
|
| 8 |
|
| Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale, e mong a ke a nke mosebetsi wa hae. |
|
| 9 |
|
| Bana ba hae e ke be dikgutsana, le mosadi wa hae e be mohlolohadi. |
|
| 10 |
|
| Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona. |
|
| 11 |
|
| Moadimani a ke a mo amohe sohle seo a nang le sona; batho basele ba ikgapele tholwana tsa mofufutso wa hae. |
|
| 12 |
|
| Ho se be motho ya mo hauhelang, kapa ya thusang dikgutsana tsa hae. |
|
| 13 |
|
| Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, mabitso a tsona a hlakolwe melokong e hlahlamang. |
|
| 14 |
|
| Molato wa bo-ntatae o nne o hopolwe ke Morena, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa; |
|
| 15 |
|
| Morena a nne a di hopole kamehla, a ba hlakole lefatsheng, hore ba se hlole ba hopolwa. |
|
| 16 |
|
| Motho eo ha a a ka a hopola, a hopola ho ba mohau, empa a hlorisa mohlophehi, a hlorisa le mofutsana, a tle a bolaye ya tepeletseng pelo. |
|
| 17 |
|
| A rata ho rohakana: Thohako e ke be hodima hae! Ha a ka a thabela tlhohonolofatso: E ke be hole le yena! |
|
| 18 |
|
| A apara thohako jwaloka kobo: E ke e monyele mmeleng wa hae, e monyele jwaloka metsi, le masapong a hae jwaloka ole. |
|
| 19 |
|
| E ke be jwaloka seaparo seo a ipopileng ka sona, e be jwaloka leqhama leo a itlamileng ka lona kamehla. |
|
| 20 |
|
| Morena a ke a putse baqosi ba ka jwalo, batho bana ba mpuang hampe. |
|
| 21 |
|
| Empa wena Morena, Morena ka, ako nthusetse ka baka la lebitso la hao, o nnamolele ka baka la mohau wa hao o molemo. |
|
| 22 |
|
| Ke mohlophehi, ke mofutsana, pelo ya ka e thulame ka sefubeng sa ka. |
|
| 23 |
|
| Ke ikela jwaloka meriti e theang, ke fefolwa jwaloka tsie. |
|
| 24 |
|
| Mangwele a ka a tsherema, a tsherema ke ho itima dijo, mmele wa ka o otile ke ho hloka mafura. |
|
| 25 |
|
| Ke fetohile sekgobo ho baqosi ba ka, ha ba mpona ba ntshisinyetsa dihlooho. |
|
| 26 |
|
| Ako nthuse, Morena, Modimo wa ka, o mpholose ka mohau wa hao, |
|
| 27 |
|
| ba tle ba tsebe hore hona ho entswe ke wena, ke mosebetsi wa matsoho a hao, matsoho a hao wena Morena. |
|
| 28 |
|
| Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe. |
|
| 29 |
|
| Baqosi ba ka ba aparelwe ke dihlong, tlontlollo e be jwaloka seaparo seo ba ipopileng ka sona. |
|
| 30 |
|
| Ke tla boka Morena ka lentswe le phefa, ke mo rorise ke le hara matshwele; |
|
| 31 |
|
| hobane o eme ka hlakoreng le letona hlakoreng le letona la mofutsana, hore a tle a mo pholose ho ba mo ahlolang. |
|
|
|
|