BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?” |
| 2 |
| Ba kgopo ba se ba hula diqha tsa bona, ba kgwesa metsu ya bona, ba e kgwesa ba le lefifing ho fula ba pelo di ntle. |
| 3 |
| Ha metheo e se e heleditswe, ya lokileng a ka etsa eng? |
| 4 |
| Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba. |
| 5 |
| Morena o hlahloba ya lokileng le ya kgopo, ya sehloho yena o mo hloile. |
| 6 |
| Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang. |
| 7 |
| Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/011.mp3
150
11