BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Haleluja! Ke tla boka Morena ka pelo ya ka yohle, ke le phuthehong ya ba lokileng. |
| 2 |
| Mesebetsi ya Morena e meholo, e fuputswa ke bohle ba e thabelang. |
| 3 |
| Mosebetsi wa hae o bonahatsa tlotla le botlotlehi, ho loka ha hae ho teng kamehla yohle. |
| 4 |
| O entse hore dimakatso tsa hae di se ke tsa lebalwa; Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko. |
| 5 |
| O fepa ba mo tshabang; o hopola selekane sa hae kamehla. |
| 6 |
| O bontshitse setjhaba sa hae, a se bontsha matla a mesebetsi ya hae, ka ho se nea lefa la baditjhaba. |
| 7 |
| Mesebetsi ya diatla tsa hae e a tshepahala, mesebetsi ya hae e lokile, ditaelo tsohle tsa hae ke tsa nnete; |
| 8 |
| di etseditswe mehla yohle, di hlophilwe ka botshepehi le ka ho loka. |
| 9 |
| O lopolotse setjhaba sa hae, a laela hore selekane sa hae e be sa kamehla yohle; lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha. |
| 10 |
| Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/111.mp3
150
111